Afrika

Afrika ke kontinente ya boraro e kgolo ka ho fetesisa lefatsheng, e fetwa feela ke Asia le Amerika, mme ke khonthinente ya bobedi e nang le baahi ba bangata ka tlase ho Asia.
Bophara ba Afrika ekaba 6.0% ha lefatshe e le 20.4%, ke di naha tsa lefatshe (ntle le mawatle) [1] Afrika e na le batho ba lekanyetswang ho 1,256,268.025 (ho ya ka palo ya 2017) [2] ba eleng 14% ya baahi ba lefatshe ka bophara.
Kontinente ena e lekanyeditswe ke Mediterranean Sea ka nqa ya Leboya, Suez Canal le Red Sea ho ya leboya bohlaba, Indian Ocean ho ya borwa bohlaba, le Atlantic Ocean ka nqa ya bophirimela. Afrika e na le dinaha tse mashome a mane a metso e tsheletseng (46) ho kenyeletswa le Madagascar, empa ha ho kenyeletswa le dihlekehleke di ba mashome a mahlano a metso e mene (54).
Afrika, e bohareng Afrika Botjhabela e tsebehala ka qalo ya bophelo baithuting ba thuto tsa mahlale.
Dinaha
Afrika e dikarolo di hlano (ho ya ka likarolo tsa United Nations) eleng
- Borwa ba Afrika
- Afrika Leboya
- Afrika Bophirimela
- Afrika Botjhabela
- Africa e Bohareng
Dipolotiki
African Union (AU) ke lekgotla la dinaha tsa Afrika. Dinaha tsohle tsa Afrika ke ditho tsa mokgatlo ntle le Morocco.
Litšupiso
- ↑ Sayre, April Pulley: Africa, Twenty-First Century Books, 1999Template:– ISBN 0-7613-1367-2.
- ↑ [https://esa.un.org/unpd/wpp/DataQuery/ "World Population Prospects: The 2017).


