Jump to content

Asithandile Zozo

E tswa ho Wikipedia

Asithandile Zozo (ya hlahileng 2001- 17 Phato 2020) e ne e le lehlatsipa la tlhekefetso ya bong Afrika Borwa. [1] O ile a bolawa ke mohlankana wa hae wa mehleng, Viwe Rulumeni, ka mora hore a kgaotse kamano ya bona.

Bophelo ba bonyaneng

[fetola | fetola mohloli]

Asithandile Zozo o hlahetse Dutywa, profenseng ya Kapa Botjhabela Afrika Borwa . E ne e le ngwana wa Mlungisi Zozo, mosuwe-hlooho wa sekolo sa Zwelidumile High School sona seo. Ka nako ya polao ya hae, Zozo e ne e le moithuti wa Bachelor of Science Univesithing ya Witwatersrand, Johannesburg, Gauteng . [2]

Viwe Rulumeni o dumetse ho kgama le ho hlaba Zozo ho isa lefung. Ho ile ha tlalehwa hore o entse ketso ena e nyarosang ka pela batho ba mmalwa ho kenyeletswa le banababo Zozo, ka la 17 Phato 2020 Butterworth, Eastern Cape . Sena e bile ka mora hore Zozo a khaotse kamano ea bona 'me a iphapanyetse mehala ya hae le boiteko ba ho bua le yena. [3] Ka mor'a ho mo hlaba, Rulumeni o ile a nwa tjhefo hore a ipolaye, empa a hlaphohelwa sepetlele sa moo. [4] Ka la 02 Phuptjane 2021, Lekhotla la Setereke la Butterworth le ile la fumana Rulumeni a le molato oa polao mme la mo ahlolela dilemo tse 20 teronkong. [5] [6] [7]

Bona hape

[fetola | fetola mohloli]
  • Karabo Mokoena
  1. https://www.sabcnews.com/sabcnews/kwasa-laid-to-rest-in-eastern-cape/
  2. "2021-08 - Remember GBV victims - Wits University". www.wits.ac.za. Retrieved 2025-06-05.
  3. Cite error: Invalid <ref> tag; no text was provided for refs named auto
  4. "A murder, a distraught family & calls for justice — five must-read stories on Asithandile 'Kwasa' Zozo".
  5. "Services | SAPS (South African Police Service)". www.saps.gov.za. Archived from the original on 2021-06-04. Retrieved 2025-06-05.
  6. Reporter (2021-06-22). "Butterworth: Ex-boyfriend sentenced for murdering Wits student". Mthatha Express. Retrieved 2025-06-05.
  7. Africa, AlgoaFM South. "Website". www.algoafm.co.za. Retrieved 2025-06-05.