Babsy Mlangeni
Babsy Mlangeni o hlahile ka la di 24 Hlakola 1943 a hlahela soweto ,mme o ile akena sekolo sa difofu sa Athlone.[1]Moo a ileng ithuta karata teng.Babsy o ile a lahlehelwa ke pono ha a le dilemo di tharo. Batswadi ba hae ka bobedi ba ne ba sebetsa motseng mme ba sitwa ho mo hlokomela.[2] Kahoo o qetile karolo ya bongwana ba hae Amersfoort, Eastern Transvaal, moo a ileng a fumana pitso ya hae e le sebini mme a ithuta ho letsa katara ya maiketsetso.
Tsa mosebetsi
[fetola | fetola mohloli]Babsy o qadile ho etsa mmino ka selemo sa 1968 .Le hoja Babsy Mlangleni e le sebini se hlwahlwa, yena le mothehi-mmoho le yena wa khamphani e sebetsanang le thepa ya khatiso ya mefuta e fapaneng. Mosebetsi wa hae e le sebini o ne o le moholo kaha o ne a bina dipina tse ngata, tseo hara tsona re nang le Sala Emma,[3] e leng pina ya letsatsi lohle e ileng ya mo tlisetsa setumo.O hlalositse ha ho ne ho se mohlolo moo ho qalang mosebetsi ka ha ene e se moruhi hore a ka ipabatsa kapa ho hatisa dipina tseo a di qapileng. O ile a tsamaya ntlo le ntlo a batla bahlahisi ho mo thusa ka talenta ya hae pele a ka ikopanya le mohlahisi.
Tse qapilweng
[fetola | fetola mohloli]- Sala Emma[4]
- O Rapele
- Come a little closer
- Isithembu
- Ba Kae
- Botswana
Di-alebamo
[fetola | fetola mohloli]- The way I am English (1997)
- Guitar Men English (2006)
- The chant Umhlabelelo Xhosa (2009)[5]
Ditlotla le Dikgau
[fetola | fetola mohloli]- Lifetime Award 2017[6]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://music.metason.net/artistinfo?name=Babsy%20Mlangeni
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2025-02-25. Retrieved 2025-05-19.
- ↑ https://www.primediaplus.com/2025/04/24/music-icon-babsy-mlangeni-reflects-on-his-career-i-have-proved-them-wrong
- ↑ https://www.primediaplus.com/2025/04/24/music-icon-babsy-mlangeni-reflects-on-his-career-i-have-proved-them-wrong
- ↑ https://www.allmusic.com/artist/babsy-mlangeni-mn0000072092
- ↑ https://iol.co.za/authors/press-release-iol/