Jump to content

Batho ba Kholokoe

E tswa ho Wikipedia

Setjhabana sa Bakgolokwe ke setjhabana se buang puwana ya e nngwe ya dipuo tsa Bathobatsho tsa Afrika Borwa. Ba tswa molokong wa Bahurutse , mme baholoholo ba bona ba kgephoha ho Mokgatla, mothehi wa moloko wa Bakgatla.

Setjhabana sa Bakgolokwe se bolela hore se tswa molokong oa Bahurutse, o bileng teng ka morao ho lefu la setloholo sa moloko wa bone sa Morolong, Malope wa Masilo ngwahakgolong wa leshome le metso e mene (14) wa dilemo. Mathata a boetapele a bakilweng ke lefu la Malope a ile ho lebisa ho thehweng ha merabe ea Bahurutshe le Bakwena ha moloko o arohana pakeng tsa moradi wa ntlo e kgolo le mora e leng Kwena wa ntlo ya bobeli. Karohano e ileng ya etsa ho be teng balatedi ba Mohurutshe ba bitswang Bahurutshe le balateli ba Kwena e leng Bakwena. Bana ke bana ba Malope, mora wa Masilo wa Melore wa Mhete. Malope ya eba mojalefa la morabe ona ho tloha ho ntat'ae, Masilo, e le tjhaba sa Baphofung se anang Phofu ho kgetholla pakeng tsa bana ba hae e le Mohurutshe le Kwena ka mora lefu la hae. Ha ba arohana ha morao, ba bang ba Bahurutshe ba ile ba kgetha ho ana Tshwene e le seboko sa setjha ha ba bang ba sala ba ana Phofu, yaba Bakwena ba lahla Phofu mme ba ana Kwena.