Jump to content

Batjha ba bangodi ba Afrika Borwa

E tswa ho Wikipedia
Kopano Matlwa

Batjha ba bangodi ba Afrika Borwa ba hlalosa ka ho se tshwane, diphephetso, le ho hlasimolloha ha batjha ba Afrika Borwa ka hara dingolwa tsa mehleng ena. Ba hlahisa mefuta e fapaneng ya dingolwa tse kang dipale tse iqapetsoeng, dithothokiso, le metlae ya bophelo. Mesebetsi ya bona e sebetsana haholo le dihlooho tse kang boitsebiso, morabe, bong, ho se lekane ha setjhaba le di phetoho tsa kamora nako ya kgethollo. Ka ho hola ha bongodi mona lapeng la lefatshe ka bophara, bangodi bana ba batjha ba theha ponelopele e ntjha ya dingolwa tsa Afrika.[1]

E mong wa bangodi ba tummeng ke Kopano Matlwa, ya ileng a tuma ka buka ya hae ya pele e bitswang Coconut, a e ngotseng ka selemo sa dikete tse mashime a mabedi le makgolo a mabedi le motso o le mong, eo a e ngotseng a sa le dilemo tse mashome a mabedi le motso o le mong. Buka ena e hlahloba bophelo ba batjha ba Batsho ba Afrika Borwa ba ntseng ba leka ho tsamaellana le setso sa ba basweu le menyetla e amanang le bona. Buka ena e hapile kgau ya European Union Literary Award mme ya mo tsebisa e le mongodi ya hlwahlwa.[2][3] E mong ya tummeng ke Sihle-isipho Nontshokweni,[4] ya thusitseng ho ngola buka ya bana e bitswang Wanda, e ananelwang ka ho phahamisa setso le boitsebiso.

Dihlopha tsa bangodi

[fetola | fetola mohloli]
Tataiso ho bangodi ba batjha.

Ho phahama ha dihlopha tsa bangodi tse kang #RhodesMustFall, PEN South Africa Young Writers, le BookBeak ho thusitse haholo ho hodisa le ho matlafatsa bangodi ba batjha. Dihlopha tsena di fa bangodi monyetla wa ho arolelana mesebetsi ya bona, ho kenya letsoho dipuisanong tsa bohlale, le ho fumana tataiso. Ho feta moo, metjha ya ditaba tsa setjhaba le bokgoni ba ho iphatlallatsetsa dibuka (self-publishing) ho file bangodi monyetla wa ho fihlella babadi ba bangata ba sa itshetlehe ho baphatlalatsi (publishers) ba tlwaelehileng. Metjha e kang ‘Instagram poetry’ le ‘TikTok storytelling’ e se e le dibaka tse sebediswang ke bangodi ba dijithale le ho etsa dithothokiso.[5]

Mekete ya dingolwa

[fetola | fetola mohloli]

Le ha ho na le tswellopele e kgolo, bangodi ba batjha ba ntse ba tobana le diphephetso tse kang ho haella ha menyetla ya ho hatisa, ho haella ha ditjhelete le boeletsi, hammoho le ditshitiso ho phatlalatso le ho ajwa ha dibuka. Le ha ho le joalo, ka tshehetso ya meketjana ya dingolwa e kang Abantu Book Festival le Time of the Writer,[6] bangodi ba bangata ba batjha ba fumana temoho le kananelo e loketseng. Ha bangodi bana ba ntse ba hodisa bokgoni ba bona, ba ntlafatsa moetlo wa Afrika Borwa wa ho pheta dipale ha ba ntse ba tlisa pono e ntjha e kgothalletsang moloko o motjha wa babadi le bangodi.

  1. "Search for "young writers and authors"". Brittle Paper (in en-US). Retrieved 2025-06-25.
  2. "About – Kopano Matlwa" (in en-US). Retrieved 2025-06-25.
  3. "Kopano Matlwa". The Mail & Guardian (in en-ZA). Retrieved 2025-06-25.
  4. "Sihle-isipho Nontshokweni, 32 | Mail & Guardian 200 Young South Africans" (in en-ZA). Retrieved 2025-06-25.
  5. https://www.timeslive.co.za/sunday-times/books/
  6. "Time of the Writer" (in en-ZA). Retrieved 2025-06-25.