Jump to content

Botjhaba ba Aforika Borwa

E tswa ho Wikipedia
Folakga ya Aforika Borwa

Aforika Borwa ke naha e tsebahalang ka ho ba le merabe le meetlo e fapaneng. Naheng ena, ho sebediswa dipuo tse leshome le metso e mmedi tsa semmuso. Dipuo tsena di bontsha merabe le meetlo e fapaneng.[1] Dipuo tsena di sebediswa ka mehla mme batho ba merabe e fapaneng ba sebedisa dipuo tsa bona ho kgaba le ho tswellisa meetlo ya bona pele.[2] Se kgethollang Aforika Borwa ke tlhompho ya yona e sa thekeseleng bakeng sa merabe le meetlo e fapaneng.

Aforika Borwa e na le diporofense tse robong mme porofenseng ka nngwe e na le dipuo tsa teng tse ka sehloohong tse buuwang. Mmuso wa Aforika Borwa o hatella paballo le phahamiso ya dipuo tsa matswallwa. Boiteko bo ntse bo tswellapele ho netefatsa hore dipuo tsena di sebediswa dikolong le ho sebediswa maemong a semmuso[3].

Meetlo e fapaneng

[fetola | fetola mohloli]
Peso nama

Ka letsatsi la Setso (24 Lwetse) merabe e fapaneng e keteka setso sa bona ka ho apara meaparo ya setso, ho pheha dijo tsa setso, le ho mamela mmino wa setso[3], mme kgwedi ya Lwetse ke kgwedi ya ho keteka setso. Aforika Borwa ke moo meetlo e sa pheleng feela hammoho; empa e atleha hammoho. Ka letsatsi la Setso hangata ho beswa nama.Peso nama[4] ke moetlo o ratwang wa Aforika Borwa, ha se tsela feela ya ho pheha - ke ketsahalo ya setjhaba, e kopanyang ba lelapa le metswalle ho sa tsotellehe hore na ke ba merabe ofe kapa ofe[2].

Ho na le dibaka tse bontshang histori tse ngata Aforika Borwa tse bontshang meetlo e fapaneng ya Aforika Borwa[5]. Kgweding ya Aforika (Motsheanong) Aforika Borwa le Aforika ka bophara di keteka meetlo ya bona mme di hopola ho thehwa ha Mokgatlo wa Kopano ya Aforika (Organisation of African Unity (OAU))[6]. Batho ba Aforika Borwa ba tsoteha ka ditsela tse ngata hape ba motlotlo haholo ka meetlo ya bona.

  1. https://southafrica.co.za/st/tumelo-le-meetlo-ya-basotho.html
  2. 1 2 Harber, Leigh-Anne (2024-12-06). "South African Culture and Traditions" (in en-US). Retrieved 2025-05-14.
  3. 1 2 "South Africa Culture And History | The Grown-Up Travel Company". grownuptravel.co (in en-GB). 2023-12-07. Retrieved 2025-05-14.
  4. https://redcarnationhotels.com/discover/delicious-dining/the-history-of-braai-in-south-africa
  5. "South Africa - Afrikaans Lit, Poetry, Novels | Britannica". www.britannica.com (in English). 2025-05-12. Retrieved 2025-05-14.
  6. "Africa Month 2024 | South African Government". www.gov.za. Retrieved 2025-05-14.