Jump to content

Brian (Spider man) Baloyi

E tswa ho Wikipedia

Brian Baloyi (ya tswetsweng ka la 16 Hlakubele 1974) [1]ke sethibathibane sa bolo ya maoto sa South African association football goalkeeper ya seng a beile meja fatshe.

Baloyi o ile a qala ho bapala ka 1993. O ile alo bapalla Mamelodi Sundowns ka 2004 kamora ho bapala bakeng sa Kaizer Chiefs ka dilemo tse fetang leshome. Hangata o bitswa "Spiderman".

Mosebetsi wa matjhaba

[fetola | fetola mohloli]

Baloyi o ile a qala ho bapala kgahlanong le Netherlands ka la 4 Phuptjane 1997. Papading eo, e ileng ya fela ka ho lahlehelwa ka 2-0 Bafana Bafana, o ile a bona ntlha e telele ela hlajwa ke Giovanni van Bronckhorst. [2] [3] O ile a bapalla sehlopha sa naha sa bolo ya maoto sa Afrika Borwa mme e ne e le karolo ya sehlopha se ileng sa etela Saudi Arabia bakeng sa 1997 FIFA Confederations Cup moo a ileng a bapala papadi ya bona ya ho qetela ya sehlopha, mme sehlopha sa lahlehelwa ka 4-3 kgahlanong le Uruguay.[4] O boetse a bapala mohopeng wa Afrika ka 1998 wa Matjhaba, Mohope wa Lefatshe wa FIFA ka 1998 le Diolimpiki tsa Lehlabula tsa 2000.

Ho sa tsotellehe dikopo tsa ho tlohela mosebetsi, Baloyi o ile a bitswa ke Joel Santana bakeng sa Mohope wa Confederations wa FIFA ka 2009, empa e ne e le khetho ya boraro ya Santana kamora Itumeleng Khune le Rowen Fernandez.

Bophelo ba motho

[fetola | fetola mohloli]

Mofumahadi wa Baloyi, e leng Phungi, ke emong wa lehlatsipa le phonyohileng kapa ya alafuweng kgahlano le kankere ya matswele. O ne a le hara ba sefifing lepatong la mosadi wa Lucas Radebe, Feziwe, ya ileng a fuwa sekgabisa letsoho e pinki tseo a neng a tla di Kenya ho hlokomedisa batho ka kankere. O na le mora ya bitswang Kgosi.[5]

  1. https://int.soccerway.com/players/brian-baloyi/64483/
  2. https://www.rsssf.org/tablesz/zaf-intres2000.html
  3. https://web.archive.org/web/20140714224831/http://www.kickoffnigeria.com/mobile/news/17510/friday-kick-off-quiz-answers
  4. https://web.archive.org/web/20090615133838/http://www.fifa.com/worldcup/archive/edition=1013/teams/team=43883.html
  5. http://www.iol.co.za/news/south-africa/soccer-legend-mourns-the-death-of-his-wife-1.420781#.U7XFnl2t-o8