Jump to content

Dieketseng Mnisi

E tswa ho Wikipedia

Dieketseng Mnisi ya tsebahalang ka Mntuli o hlahile ka la 9 Phato 1961 motseng wa Soweto.Ke sebapadi sa di thelevesheneng.O tsebahala haholo ka karolo a e bapalang ho e nngwe ya ditshwantshiso e leng Skeem Saam ka lebitso la Nontombi"Mantuli" Seakamela ho kanale ya SABC 1.[1]O kile a bapala karolo ya Masetjhaba Moletsane ,ele mofumahadi wa moruti ho tshwantshiso e bitswang Stockvel ho SABC 2,mme ola hlahella dihleng tsa tshwantshiso eo tse hlano kaofela.Hape o ile a hlahella ho tse ding tsa di tshwantshiso tse ngata thelebesheneng.[2]

Bokamorao

Sebapadi sena sa ditshwantshiso se hlahetse motsaneng o mong ka hara teropo ya Johannesburg,Gauteng naheng ya Aforika borwa.O bile le tsebo ya mmuso wa kgathello ka ha o hotse ka nako tsa mmuso wa kgathello.[3]

Lerato la hae hoba sebapadi sa thelebesheni le ile la etsa anke karolo ho diholo tsa boithabiso,mme ona dula dibakeng tse fapafapaneng empa a dula motseng wa Johannesburg[4]

Tsa bophelo

[fetola | fetola mohloli]

Mnisi e ne ele mofumahadi wa Jabu Nkosi ya neng a tsebahala haholo ka lebitso la Chirwali. Ba ile ba nyalana dilemo tse mashome a mebedi a metso e mmedi pele ba nka qeto ya ho hlalana ka selemo sa 2005,le ha hole jwalo ke batswadi ho bana ba babedi.[5]

Tsa mosebetsi

[fetola | fetola mohloli]

Mnisi ke sebapadi sa ditshwantsho naheng ya Aforika Borwa se tsebahalang ka ho bapala karolo ya mofumahadi wa moruti ele Masetjhaba Mooletsane ho Stockvel.O qadile ho hlahella thelebesheneng ka 2007 ho Stockvel,mme a kgona ho fumana sebaka ho terama e bapalang ho SABC 1 e leng Skeem Saam moo a bapalang karolo ya Mntuli.[6]

Sebapadi sena se bapetse ho tseding tsa di tshwantshiso tse ngata-nyana ho kenyeletswa le Yizo-Yizo,Zone 14 le ho Intersexions.O ile a etella pele thapelo pina ho Sarafina.O ile a bapala leho eKasi:Our stories"Deep Secret".O bapetse ele moloi ka lebitso la Nokufa ya neng a sebedisa ngwana hae jwalo ka sehlabelo hoba le matla a lefifi,mme o hlaheletse moo sehleng sa bohlano karolong ya leshome le metso emmedi.[7]

E nngwe ya dikarolo a tsebahalang ka yong qhawe lena ke karolo yahae a e bapalang ho Skeem Saam ele Mantuli.

Ditlotla le Dikgau

[fetola | fetola mohloli]

SAFTA Awards[8]

  1. https://mzansiprofiles.co.za/dieketseng-mnisi-biography-early-life-acting-career-skeem-saam-personal-life/#google_vignette
  2. https://www.imdb.com/title/tt0956080/
  3. https://mzansiprofiles.co.za/dieketseng-mnisi-biography-early-life-acting-career-skeem-saam-personal-life/
  4. https://www.imdb.com/title/tt0956080/
  5. https://iol.co.za/entertainment/celebrity-news/local/2018-12-17-dieketseng-mnisi-reflects-on-her-40-years-artistic-journey/
  6. https://www.imdb.com/title/tt0956080/
  7. https://www.tvsa.co.za/actors/viewactor.aspx?actorid=7413
  8. https://www.sabc.co.za/sabc/safta-awards-sabc-video-entertainment-scores-51-nominations-for-2023/