Dipuo le setso sa Aforika Borwa
Aforika Borwa,e tsebahalang ka "Rainbow Nation",e leng tlotla e hapang mefuta e fapaneng ya yona le dipuo tse leshome le metso o le mong (11) tsa semmuso. Kgwedi ya Lwetse esale ho tloha ka selemo sa 1994 e ile ya kgethwa ele kgwedi ya Setso,ha ho ketekwa nalane le ditlwaelo tsa setso tsa batho bohle ba yona le kananelo e loketseng e fuwang banna le basadi ba kentseng letsoho lefeng le moetlong wa setjhaba bolokolohi ba ho itlhalosa ka setso sa bong,bodumedi le puo bo thathamiseditswe ho molao-theo wa Rephaboloki ya Aforika Borwa.Aforika Borwa ke naha eo ho yona boithabollo bo atlehileng mme ditso tsa yona tse fapa fapaneng di kenyeleditswe ho tsa bonono le setso sa yona.[1]
Baahi
[fetola | fetola mohloli]Palo ya batho ba batsho Aforika Borwa e arotswe ka merabe e mene e meholo:e leng dihlopha tsa Nguni tse nang le MaZulu,MaXhoza,MaNdebele le sehlopha sa MaSwati.[2] Dihlopha tsa Sesotho,Setswana.[3]Dihlopha tsa Shangaan-Tsonga ,le dihlopha tsa ma Venda.Bongata ba Makgowa (60%) ke batho ba buang puo ya Se aforekaanse[4],mme karolo e setseng (40%) ke batho ba buang puo ya Senyesemane.[5]Batho ba dimilione tse tharo ,ba kgethilweng e le ba Mmala,ba na le leloko le tswakaneng ,leo hangata le nang le matswallwa a maKhoisan.[6]
Maasia
Baahi ba Maasai ba Aforika borwa boholo ba bona ke morabe wa MaIndia ka tlhaho mme boholo ba bona ba tholahala Kwazulu-Natal.Haholo-holo ,Senyesemane le hoja ba bangata ba bua puo ya Setamil,Sehindi,Telegu,Segujarate kapa Seurdu.[7]Deepavali ,mokete wa lesedi ,ke mikete wa bohlokwa ka ho fitisisa wa Mahindi,hangata o tshwarwa ho ella mafelong a Mphalane le Pudungwane selemo le selemo,[8]Setjhaba sa Mamoseleme se keteka Eid ele mosebetsi wa bona o moholo wa bodumedi.[9]Metse e meholo ya merabe e mengata e motse Kapa le Durban,Pretoria le Johannesburg e na le baahi ba abangata ba Majeremane ,Mapotoketsi,Mataliana le Mafora.[10]
Puo tsa Aforika Borwa
[fetola | fetola mohloli]Ho na le dipuo tse leshome le metso o mong tsa se molao Aforika Borwa.[11]Tsena tsa Senyesemane (9.6%),Afrikaans(13.5%),Ndebele(2.1%),Sepedi/Northern Sotho(9.1%),Sexhosa(16%),Venda(2.4%),Tswana(8%),Sourthen Sotho(7.6%),Zulu(22.7%),SiSwati(2.5%) le Tsonga(5%).[12]Bongata ba metjha ya ditaba tsa setereke ya naha e sebedisa puo ya sebakeng seo ha ho kgoneha ,Aforika Borwa e boetse e ananela dipuo tse ding tse kang ya matsoho[13] le ya Khoe Khoe le San.[14]Ho buahala dipuo tse ngata tse tswang lefatsheng lohle mona ,ho akarelletsa Sepotoketsi,Segerike,Setailana,Sefora le Setjhaena.[15]
Dijo
[fetola | fetola mohloli]
Phapang ya setso ya Aforika Borwa e hlahiswa ka mekgwa e mengata ;e nngwe ya tse tummeng ka ho fitisisa ke tshusumetso e fapaneng ya setso e kenang dijong tseo batho ba dijang .motoho wa poone le nama tse tsamayang le mefuta e fapaneng ya meroho e kang khabetjhe,eie,bete,dihwete,ditapole,le moroho (sipinatjhe) hara tse ding ke dijo tse ratwang haholo ke batho ba batho ba batsho ba Aforika Borwa.[16]
Diaparo tsa setso
[fetola | fetola mohloli]
Diaparo tsa setso ke e nngwe ya mekgwa e metle ya ho itlhahisa le moo maAforika Borwa a ratang ho bontsha setso sa bona se fapaneng.Moaparo wa setso wa Mazulu ke letlalo la diphoofolo la banna le mese e kgabisitsweng ka difaha tsa lehong le thata bakeng sa basadi.Diaparo tsa maIndia ke dhoti,kurta,le salwar kameez,sari,turdan le sherwani bakeng sa banna.[17]

Moaparo wa Sexhosa o kenyeletsa mekhabiso e radilweng ka mokgwa o rarahaneng wa dikobo tse aparwang ke banna le basadi jwalo ka ditjale kapa le dikatiba .Letshwao le leng le hlalosang moetlo wa seXhosa ke ho penta kapa ho kgabisa sefahleho ke basadi.[18]

Moaparo wa Batswana ke matlalo a diphoofolo a setso ,ho buisana ka ditaba tsa tlhaho le ho etsisa diphoofolo ka ho tantsha,ho opa diatla le ho bina ho thusa bathoba tantshang hore ba fihlele maikutlo a kelello mme kapele motjeko wa fetoha lerata.[19]

Basotho ba apara seshweshwe, e leng diaparo tse mebala-bala tsa sejeremane,mme banna ba apara dikobo.[20]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://panafricanreview.com/south-africa-the-collapse-of-the-rainbow-nation-myth/
- ↑ https://www.southafrica.com/blog/the-nguni-people-of-south-africa/
- ↑ https://www.southafrica.net/gl/en/travel/article/the-sotho-people-cowboys-of-south-africa
- ↑ https://southafrica-info.com/arts-culture/11-languages-south-africa/
- ↑ https://southafrica-info.com/arts-culture/11-languages-south-africa/
- ↑ https://minorityrights.org/communities/coloureds/
- ↑ https://www.cambridge.org/core/books/abs/language-in-south-africa/language-change-survival-d
- ↑ https://isha.sadhguru.org/en/wisdom/article/what-is-diwali-why-diwali-is-celebrated
- ↑ https://www.britannica.com/topic/Eid-al-Fitr
- ↑ http://samilitaryhistory.org/lectures/italyabw.html
- ↑ https://southafrica-info.com/arts-culture/11-languages-south-africa/
- ↑ https://www.sa-venues.com/sa_languages_and_culture.htm
- ↑ https://www.parliament.gov.za/press-releases/na-approves-south-african-sign-language-12th-official-languag
- ↑ https://iwgia.org/en/south-africa/5062-iw-2023-south-africa.html
- ↑ https://iwgia.org/en/south-africa/5062-iw-2023-south-africa.html
- ↑ https://www.southafrica.net/in/en/travel/article/ceremonies-and-traditions-food-of-south-africa
- ↑ https://africasmiles.co.za/product-category/traditional-clothing-and-accessories/?srsltid=AfmBOorxO3FQIelL9NXt7kWEW79Suol9VEZwcZgttwNCG0fQ_2EAnZAg
- ↑ https://africasmiles.co.za/product-category/traditional-clothing-and-accessories/?srsltid=AfmBOorxO3FQIelL9NXt7kWEW79Suol9VEZwcZgttwNCG0fQ_2EAnZAg
- ↑ https://africasmiles.co.za/product-category/traditional-clothing-and-accessories/?srsltid=AfmBOorxO3FQIelL9NXt7kWEW79Suol9VEZwcZgttwNCG0fQ_2EAnZAg
- ↑ https://africasmiles.co.za/product-category/traditional-clothing-and-accessories/?srsltid=AfmBOorxO3FQIelL9NXt7kWEW79Suol9VEZwcZgttwNCG0fQ_2EAnZAg