Jump to content

Ditolobonya

E tswa ho Wikipedia

Ditolobonya.


Mehleng ya kgale Le hajwale morabe wa batho ba Batsho ba nale mokgwa oo baithabisang ka teng ho ikonka Le ho kgaba ka setso sa bona. Ha ngata basotho ke mofuta o ratang ho kgaba ka meaparo Le ho bina dithoko ha ba le meketeng ya bona, Sena se etsahala ha ngata ka hara selemo se hodimo ebile hoba Le matsatsi selemong a kgethwang ke basotho ho keteka meetlo wa bona ka mekgwa e ikgethileng.[1]


Ka mora hore letona le hlabe mokgois ho tla ya tsebisa morena pela kgotla ka morao ho seo setjhaba sa basotho setla tsebiswa mane pitsong hore morena o chaela kopo ya bona monwana ebe jwale hotla etswa ditlhopiso tse ngata ho ke nyeletswa Le ho hlajwa ha makgomo a nama hore a tsebe hojewa. Setjhaba sohle se tla memelwa lebaleng Le leholo la motse Hoya nyakalla teng eleng moo ketsahalo tsa Letsatsi ditlabang hoba teng.

Ditolobonya eba engwe ya dipapadi tse bang teng moo, motho aka ipotsa hore ditolobonya ke eng? Basotho jwalo ka mofuta o kgabang ka puo mme ele morabe o ratang papadi tsa setso, ke moo batlang ho kgetha bananyana ba so diwe letshwele hoka tla ka pele ho thabisa letshwele ka motantsho wa bona ba epere se bitswang ka hore ke thethana.

Bananyana bohle batla bina Le ho kgiba ho bontsha boiphihlelo ba bona ka motantsho ona wa Ditolobonya. Bahlankana bona batla phehisa ka ho bina mokorotlo Le ho hwela ka melodi ho thabisa morena ya teng tsatsi Leo.

  1. Mohlodi ka Sebaboleseotswa