Esther Mahlangu

Esther Mahlangu o hlahile ka 11 Pudungwane 1935) ke sebini sa Afrika Borwa. O tsejwa ka ditshwantsho tse emellang lefa la hae la Ndebele. Ke e mong wa bataki ba tummeng ka ho fetisisa Afrika Borwa.
Bophelo ba pele
[fetola | fetola mohloli]Esther Nikwambi Mahlangu o hlahile ka la 11 Pudungwane 1935 polasing e kantle ho Middelburg, Mpumalanga, Afrika Boroa, mme ke motho wa setjhaba sa MaNdzundza. Mahlangu o qadile ho taka a le dilemo tse10, mme o ile a rutwa bokgoni ba ho taka mabota ke mmae le nkgowae, ho latela moetlo wa MaNdzundza le MaManala bakeng sa basadi ho takela maboteng a matlo. Ke ka moetlo ona wa setso moo Mahlangu a qadileng leeto la hae la bonono. Habo Mahlangu ke ngwana o moholo hara bana barobedi. Ntlong ne ho na le bashanyana batsheletseng ha banyana ne ba le ba babedi. Yena le monna wa hae ne ba na le bara ba bararo. Hamamorao o ile a lahlehelwa ke monna wa hae le bara ba hae ba babedi. O ne a sebetsa Mosiamong wa Botshabelo pele e ba sebini.
Mosebetsi wa bonono
[fetola | fetola mohloli]Ditlhaloso tsa bonono tsa Mahlangu di na le mekgwa e fumanwang diphahlo le mabenyane a batho ba Ndebele. Mefuta wa a e sebedisang hangata e mebala-bala ebile e na le sebopeho sa dipalo ditshwantswo kgolo ka boholo. Esther Mahlangu o ne a sebelisa borosolo bo entsweng ka masiba a dikgooho. O tsejwa ka ho fetolela le ho nkela sebaka sa dibaka tsa setso tsa bonono ba lebota la Ndebele, leboteng la adobe, ka lesela, mme qetellong, ditshepe tse kopantsweng le tšepe. Tsela e kgethollang eo Mahlangu eo mela e tšhweu e nang le meedi e behwa ka lehlakoreng kapa e bōpehileng jwalo ka sebopeho O saena mosebetsi yo hle ya hae eo diperela ka diperela tse nang le ditlhaku tsa pele "E M". Jwalo sebeni, "...ho tshwantsha ha hae ho hokahane, ho hohela le ho kopanya ho feta ha mehleng ya hae, meedi e kopaneng haholo. O na le tšhekamelo ya ho rala merero ya hae ya paterone".

Mahlangu o ile a qala ho fumana tlhokomelo ya matjhabeng ka 1989 pontshong ya bonono ya Fora e bitswang Magiciens de la terre (Batho ba Bohlola ba Lefatšhe). Hamorao ka 1991, o ile a laelwa ke BMW ho theha , jwalo ka ha baetsi ba bang ba BMW Art Car ba ne ba entse pele (ho kenyeletswa Andy Warhol, David Hockney le Frank Stella). Koloiya BMW 525i, e ne e le "Koloi ya Bonono ya Afrika" ya pele mme e ne e pentilwe ka mehopolo e tlwalehileng yaNdebele. Koloi ena hamorao e ile ya bontsha Musiamo wa Sethjaba waBasadiba Bonono Washington, DC ka la 1994. E ile ya boela ya bontshwa British Museum, London ka 2017.