Freedom Park (Aforika Borwa)
Freedom Park ke serapa se sebakeng sa Salvokop, Pretoria. E kenyelletsa sehopotso se nang le lethathamo la mabitso a batho ba bolailweng Ntweng ya Afrika Borwa, Ntwa ya Pele ya Lefatshe, Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe hammoho le nakong ya kgethollo ya merabe.[1]




Ka Hlakubele selemong sa 2009, ho ile ha sisinngwa hore bahale ba hlokahetseng ba ntwa ya tokoloho ba kenyeletswe sehopotsong. Ba bang ba baetapele ba naha ba kgethiloeng ba kenyelletsa Steve Biko, Oliver Tambo, Helen Joseph, Chris Hani, [2]Albert Lutuli le Bram Fischer. Baetapele ba matjhaba le ba kontinenteng le bona ba ne ba kenyeleditsoe lethathamong la ba nahaneloang ka lebaka la karolo eo ba e bapetseng tokolohong ya Afrika Borwa kapa tokolohong ya batho ba hatelletsweng ka kakaretso. Baetapele ba kontinenteng ba boletsweng ba kenyelletsa Mopresidente wa naha ya Mozambique, Samora Machel, le Amílcar Cabral. Hara bahale ba matjhaba ho na le Che Guevara, e leng mohlabani wa phetoho ya ileng a lwana a e-na le Mopresidente oa mehleng wa Cuba, Fidel Castro, hammoho le Toussaint Louverture, ya ileng a lwana nakong ya ntwa ya boipuso ya Haiti.
Kaho
[fetola | fetola mohloli]Kaho ya serapa sena e etsahetse ka mekgahlelo e fapaneng mme e ile ya sebetswa ke Stefanutti Stocks, WBHO, Trencon, Concor le ba bang. [3]
Morero ona o ne o okametswe ka botlalo ke Mongane Wally Serote. [4]
Bona hape
[fetola | fetola mohloli]
Ditlhaloso
[fetola | fetola mohloli]- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2020-09-18. Retrieved 2026-09-03.
- ↑ https://www.beautifulnews.com/spirit-freedom-resounds-through-walls-architectural-wonder
- ↑ http://www.engineeringnews.co.za/article/stefanuttis-work-on-freedom-park-nears-completion-2009-08-13
- ↑ https://web.archive.org/web/20181003051320/http://www.thepresidency.gov.za/pebble.asp%3Frelid%3D1354