Jump to content

Happy Sindane

E tswa ho Wikipedia

Abbey Mzayiya (ya tsejwang ka lebitso la Happy Sindane ; 25 Phuptjane 1985 - 1 Mmesa 2013) e ne e le monna wa Afrika Borwa ya tsebahalang ka ho ipolela hore ke moshanyana wa lekgowa ya kwetetsweng ke batho ba batsho. [1] O holetse motseng wa Tweefontein, KwaMhlanga moo a neng a re o tshwerwe hampe, a bolawa ke tlala, mme a qobellwa ho phela maemong a futsanehileng. O ile a ipiletsa ho bao ho neng ho nahanwa hore ke batswadi ba hae ba mo tswetseng hore ba tle pele ho mo lata. [2]

Template:Infobox person

Sindane o ile a etsa dihlooho tsa ditaba ka Motsheanong 2003 a le dilemo di 16 ha a ne a beha kgetsi ya boshodu seteisheneng sa sepolesa sa Bronkhorstspruit mme a tlaleha hore ke motho ya ileng a utswa ho batswadi ba makgowa e le ngwana e monyenyane ke mosebeletsi wa lapeng.

Pale ena e ile ya qetella ka dipatlisiso le tlaleho ya tlhahlobo ya DNA ka July 2003 e ileng ya fumana hore Sindane ha e le hantle e ne e le mora wa mosadi e motsho, Rina Mzayiya, ya neng a hlokahetse, le hore ntatae e ne e le Henry Nick, monna wa lekgowa.

Sindane e ne e le wa morabe o kopaneng mme a bua SeNdebele . O holisitswe ke motswalle wa Rina, Betty Sindane le ntate wa hae Koos Sindane, "ntate-moholo" wa hae, KwaMhlanga . [2]

O hlokahetse Tweefontein ka la 1 Mmesa 2013 kamora ho tlepetswa ka majwe ho isa lefung

Kdang ya pente ya Dulux

[fetola | fetola mohloli]

Ka Phutjane selemong sa 2003 ,Happy Sindane o ile a eba sehlohlolong sa ditaba ha Dulux eleng khampani ya dipente ho tloha Afrika Borwa eile ya sebelisa setshwantsho sa hae ntle le tumelo ya hae, se hlahileng ka hodima mongolo o reng: "Mmala ofe kapa ofe oo o ka o nahanang". [3] Dulux le setsi sa bona sa papatso, Lowe Bull ba ile ba iswa lekgotleng hara mohoo wa setjhaba, mme Sindane a lefuwa R100 000. [4]

  1. Happy Sindane: The boy who tried for white, The Guardian, retrieved 18 February 2025
  2. 1 2 Fight rages for soul of Happy Sindane, The Guardian, retrieved 18 February 2025
  3. "Happy in paint row". News24. Retrieved 2025-06-26.
  4. "PressReader.com - Digital Newspaper & Magazine Subscriptions". www.pressreader.com. Retrieved 2025-06-26.