Hashim Amla
Hashim Mahomed Amla (ya tswetsweng ka la 31 Hlakubele 1983) ke e mong oa diibapadi tsa kgale tsa Afrika Borwa ya neng a bapala bakeng sa sehlopha sa naha ho tloha ka 2004 ho isa ka selemo sa 2019.[1] O na le letsoho le letona, ke ena ya ileng a beha dintlha tse phahameng ka ho fetisisa tsa bobedi tsa Afrika Borwa ka diteko le ya boraro ka ho fetisisa ho One Day Internationals (ODIs), [2] ka di-centuries tsa machaba tse 55 ka mefuta ka bobedi . O boetse a bapala International Twenty20 (T20s).
Amla o ile a sebeletsa e le Motsamaisi wa dipapadi tse molao tsa machaba ho tloha mathwasong ho isa bohareng ba bo-2010. Ka mosebetsi wa hae wa botsebi o nkileng nako ho tloha ka selemo sa 1999 kapa sa 2000 ho isa ho sa 2022, o ile a emela dihlopha tse mmalwa tsa naha le franchise tsa krikete ho pota lefatshe.