Zolile Hector Pieterson

Zolile Hector Pieterson (o hlahile ka la 19 Phato 1963 - 16 Phupjane 1976) e ne e le moshanyana wa sekolo wa Afrika Borwa ya ileng a thunywa mme a bolauwa a le dilemo tse leshome le metso mmedi, nakong ya ho ropoha ha merusu ya dipolao Soweto ka 1976, ke ha maponesa a thunyetsa ho baithuti ba batsho ba neng ba ipelaetsa kgahlano le ho qobellwa ha ho rutwa ka Se-Afrikaans, eo boholo ba yona e buuwang ke baahi ba basweu le ba mebala Afrika Borwa, e le mokgwa wa ho ruta dithuto tsohle tsa sekolo. Baithuti ba ne ba batla ho ithuta ka dipuo tsa bona tsa letswele, isiXhosa le MaZulu.[1] Setshwantsho sa ditaba se tsebahalang haholo se nkilweng ke Sam Nzima sa Pieterson ya neng a lemetse ka leqeba la ho thungwa se nkilweng ke moahi e mong wa Soweto ha kgaitsedi ya hae a matha haufi le bona se ile sa phatlalatswa lefatsheng ka bophara. Letsatsi la sehopotso sa lefu la hae ke Letsatsi la Batjha le kgethilweng Afrika Borwa.
Merusu ya Soweto
[fetola | fetola mohloli]Maponesa a ile a fihla mme a thunya kgase e tshollang meokgo hara bongata boo ba letshwele e le hore a bo qhalahantshe. Ho na le ditlaleho tse hanyetsanang tsa hore na ke mang ya ileng a laela pele hore ho thunywe, empa hang hang ha bana ba ne ba reteleha mme ba matha batletsetse hohle hara tsela, ba bang ba siya tsohle, ba siya bana, ha ba bang ba bana ba ne ba lemetse ba ebile ba rapalletse hara mmila.
Le hoja metjha ya diphatlalatso e atisa hore ha ngwana wa pele wa shweleng letsatsing leo ke eena ngwana wa pele, moshanyana e mong, e leng Hastings Ndlovu, e ne e le ngwana wa pele wa ho thungwa ke maponesa a mmusu wa kgethollo.[2] Empa tabeng ya Hastings, ho ne ho se na dinepe sebakeng seo, mme lebitso la hae le ne le sa tsejwe hang-hang.
Ha Pieterson a ne a thunywa le ho bolawa, o ile a wela sekgutlong sa Moema le Vilakazi Streets. O ile a nkuwa ke Mbuyisa Makhubo ya ileng a matha hammoho le kgaitsedi ya Pieterson ya bitswang Antoinette (eo ka nako eo a neng a le dilemo tse leshome le metso e supileng), a eya koloing ya Sam Nzima. Ba ile ba mo kenya ka tlung, mme moqolotsi wa ditaba Sophie Tema a mo isa tleliniking e haufi moo a ileng a phatlalatswa a shwele. [3] Mbuyisa le Nzima ba ile ba hloriswa ke maponesa ka mora ketsahalo eo mme ka bobedi ba ile ba kena palehong. Mme wa Mbuyisa o ile a bolella Khomishene ya Nnete le Poelano hore o amohetse lengolo ho tswa ho Mbuyisa ka 1978 le le tswa Nigeria empa ha a so utlwi ho ena hape ho tloha ka nako eo.[4] Pieterson le Hastings Ndlovu ba patetswe se tsing sa mabitleng sa Avalon, Soweto. Batho ba leshome le bona ba ile ba bolawa mme batho ba makgolo a mabedi a metso e mashome a mehlano ba tswa dikotsi.

Ho tloha ka Phupjane 1976, lebitso la Pieterson le nnile la hlaha metjheng ya ditaba e le Peterson le Pietersen, ya bobedi e leng selelekela se ngotsweng lejweng la lebitla la hae. Ho ya ka lelapa, ho nepahala ha ho ngolwa ha sefane sena ke Pieterson. [5]
Tlaleho ya dinyewe
[fetola | fetola mohloli]Ka la 9 Phato 2002, mmuelli wa molao wa Amerika Ed Fagan o ile a e tella pele hlahlelo ya nyewe ya dibilione tse mashome a mahlano tsa didolara tsa Amerika ya dinyewe tsa sehlopha ke mahlatsipa a nako ea kgethollo ya merabe khahlanong le dikhamphani tsa matjhabeng le dibanka tse neng di rua molemo ditshebedisanong le puso ya kgethollo. [6] [7][8] Hara baqosuwa ba nyeweng eo e ne e le Dorothy Molefi, mme wa Pieterson. [9] Mmuso wa Afrika Borwa o ile wa ikgula nyeweng eo. Fagan o ne a ile a kenya ditletlebo tse mmalwa ka ditaba tsa ditokelo tsa botho tse tlisitsweng e le hore a qobelle dikhamphani ho rarolla mathata. [7] Dinyewe di ile tsa qhalwa ka 2004. [10]
Sehopotso le musiamo
[fetola | fetola mohloli]Ka la 16 Phupjane 2002, Setsi sa pokello ya nalane ya Hector Pieterson se ile sa bulwa haufi le sebaka seo a ileng a thunywa ho sona Orlando West, Soweto, ho hlompha le ho tlotla Pieterson le batho ba ile ba shwa naheng ka bophara nakong ya boipelaetso ba 1976. E tsheheditswe ka tjhelete ke Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi (R16 milione) le Lekgotla la Motse wa Johannesburg (R7.2 milione), e fetohile sebaka se seholo sa bahahlaudi. Qalo ya musiamo e qala ka ditshwantsho tsa lefu la Pieterson. Musiamo ona o kenyeleditse dintho tse hopolwang le theknoloji ya morao-rao ha mmoho le histori ya setso. Ho tloha ka selemo sa 2010, kgaitsedi ya Pieterson, Antoinette ya bonwang setshwantshong, o sebetsa musiamong e le motataisi wa bahahlaudi. [11] [12]

Bona hape
[fetola | fetola mohloli]Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ . pp. 239–254. Missing or empty
|title=(help) - ↑ Lesley Hastings Ndlovu | South African History Online
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2006-09-24. Retrieved 2025-06-26.
- ↑ http://www.doj.gov.za/trc/hrvtrans/methodis/makhubu.htm
- ↑ https://web.archive.org/web/20140227065519/http://www.sowetotour.co.za/soweto-tour.html
- ↑ South Africa: Fagan Says Anglo Had Role in Peterson's Death - allAfrica.com
- 1 2 Apartheid profiteers face huge lawsuit | News24
- ↑ https://mg.co.za/article/2002-01-01-multibillion-dollar-apartheid-lawsuit-kicks-off/
- ↑ http://news.bbc.co.uk/1/hi/world/africa/3826729.stm
- ↑ http://news.bbc.co.uk/2/hi/business/4053493.stm
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2003-03-27. Retrieved 2025-06-26.
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2007-05-19. Retrieved 2025-06-26.