K. P. D. Maphalla
Kgotso Pieter David (K.P.D.) Maphalla (o tswetswe ka selemo sa 1955, Afrika Borwa mme a hlokahala ka 5 Mmesa 2021, Afrika Borwa) [1] [2] Kgotso Pieter David Maphalla e ne e le mongodi wa dingolwa tsa Sesotho.[3][4] Ke mongodi wa dibuka tse fetang mashome a mane (40), ebile ka selemo sa 2007 Maphalla o ile a amohela lengolo la bongaka la tlotlo ho tswa Yunivesithi ya Foreisetata, hape ke moamohedi wa kgau ya katleho ya bophelo bohle ka kabelo ya hae le katleho ya hae ho dingolweng ka kakaretso [5][6] [7] .Maphalla o hlokahetse ka la 5 Mmesa 2021 ka mora ho kula ka lebaka la setoroku. [8] O patetswe Bohlokong, haufinyana le Bethlehem ka la 14 Mmesa 2021.
Hara letoto la dibuka tsa hae ha mmoho le dipapadi tsa siyalemoyeng tse akgang ka hare tshwantshiso e bitswang "Tahleho" , padi e bitswang "Tshiu tseo", padi ya dipatlisiso le bofokisi e bitswang "Kabelwamanong" [9], padi "Botswang le bitlang", dibuka tsa dithothokiso tse kang "Tsie lala", "Mahohodi", "Dikano", "Pinyane", "Ditema"; ha mmoho le dithothokiso tse kang "Fuba sa ka" ; "Kgapha tsa ka", "Seitebatso" ; "Sentebale". Maphalla o ile a ngola le buka ya senyesemane e bitswang (A tale of two fathers) "Pale ya bo ntate ba babedi" , pokelletso ya ditlhaloso le dipale-kgutshwe "Mohlomong hosane" le pale ya dipale "Bashemane ba Dibataolong"

Ka 2023, South African Journal of African Languages (SAJAL) e ile phatlalatsa kgatiso le diphuputso tse neng di e na le dihlooho tse mmalwa tse hlahlobang dingodilweng tsa Maphalla, volumu 43, ya nomoro ya pele 1[10]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ Acclaimed Sesotho author Dr Kgotso Maphalla dies aged 66 | News24
- ↑ Free State Government on funeral arrangements of late author Dr KPD Maphalla | South African Government
- ↑ "DA to oppose renaming of QwaQwa stadium", News24, 25 July 2014.
- ↑ Retired Sotho writer continues to inspire
- ↑ (PDF) The literary oeuvre of KPD Maphalla: a thematic analysis
- ↑ Black African Literature: KPD Maphalla - a superb Sesotho Writer
- ↑ Sidwell Guduka, Sesotho writer immortalised, News 24, 17 June 2015.
- ↑ Acclaimed Sesotho author Dr Kgotso Maphalla dies aged 66 | News24
- ↑ Kabelwamanong by Maphalla, K. P. D. (Kgotso Pieter David) | Open Library
- ↑ Reflections on KPD Maphalla’s poetry: political, spiritual and social perspectives | South African Journal of African Languages
Dingolwa tse amehang
[fetola | fetola mohloli]- Chaphole, Sol. "Dithothokiso tsa KPD Maphalla: ho itlhalosa ka Ditemana." South African Journal of African Languages 43, No. 1 (2023): 69-75.
- Monyakane, Mathai le Elias Nyefolo Malete. "Tshebediso ya kgopolo ya ho lekola dithothokisong tsa Maphalla: 'Ditema.'" South African Journal of African Languages 43, No. 1 (2023): 40-46.
- Motinyane, Mantoa. "Tlhahlobo ya puo e hlokolotsi ya dithothokiso tse kgethilweng tsa Maphalla: Melaetsa ya dikgetho tsa pele ho demokrasi ya Afrika Borwa." South African Journal of African Languages 43, no. 1 (2023): 76-84.
- Phindane, Pule. "Tlhaloso ya mokhwa wa ho reha mabitso bukeng ea KPD Maphalla, Kabelwamanong." South African Journal of African Languages 43, No. 1 (2023): 56-60.
- Possa-Mogoera, Rethabile. "Mokgwa wa ho reha mabitso tshwantshisong ya Maphalla, Tahleho." South African Journal of African Languages 43, no. 1 (2023): 61-68.
- Seema, Johannes. "Tlhahisoleseding ka dithothokiso tsa KPD Maphalla: pono ya dipolotiki, ya semoya le ya setjhaba." South African Journal of African Languages 43, no. 1 (2023): 85-92.
- Zulu, Nogwaja S. "Boithuto ba dingolwa tsa bongodi ba KPD Maphalla: tlhahlobo ea dihlooho." South African Journal of African Languages 43, no. 1 (2023): 47-55.
- Zulu, Nogwaja S. le Elias N. Malete. "Tlhahiso ya bongodi ba KPD Maphalla: Selelekela". South African Journal of African Language 43, No. 1 (2023): 37-39.