Kgethollo ya merabe
Apartheid e ne e le tsamaiso ya kgethollo ya merabe e hlophisitsweng e neng e le teng Afrika Borwa le Afrika Borwa Bophirimela (eo hona jwale e leng Namibia ) ho tloha ka 1948 ho isa mathwasong a dilemo tsa bo-1990. E ne e tsebahala ka moetlo wa dipolotiki wa bolaodi o itshetlehileng hodima baasskap ( 'boss-ship' kapa 'boss-hood'), e neng e netefatsa hore Aforika Borwa e buswa dipolotiking, kahisano, le moruo ke palo e fokolang ya batho ba basweu ba naha .[1] Tlasa tsamaiso ena e fokolang, baahi ba makgowa ba ne ba e-na le boemo bo phahameng ka ho fetisisa, ba latelwa ke Maindia, Mabala le Maafrika a matsho, ka tatellano eo. Lefa la moruo le diphello tsa setjhaba tsa apartheid di ntse di tswela pele ho fihlela kajeno, haholo-holo ho se lekane .
Ka kakaretso, kgethollo ya morabe e ne e hlaloswa ka kgethollo

ya morabe e nyane, e neng e kenyeletsa karohano ya dibaka tsa setjhaba le diketsahalo tsa kahisano, le kgethollo ya morabe e kgolo, e neng e arola ka thata matlo le menyetla ya mesebetsi ka morabe.[9] Molao wa pele wa kgethollo ya morabe e ne e le Molao wa Thibelo ya Manyalo a Kopantsweng, wa 1949, o latelwang haufi ke Molao wa Tokiso ya Boitshwaro bo Bobe wa 1950, o neng o etsa hore ho be kgahlanong le molao hore baahi ba bangata ba Afrika Borwa ba nyalane kapa ba tswele pele ka dikamano tsa thobalano ho pholletsa le mela ya morabe. Molao wa Ngodiso ya Baahi, wa 1950 o ile wa arola Maafrika Borwa ohle ka hara e nngwe ya dihlopha tse nne tsa morabe ho latela ponahalo, leloko le tsejwang, boemo ba moruo le setso sa bophelo: "Batsho", "Basweu", "Ba Mmala", le "Maindia", tse pedi tsa ho qetela di ne di kenyeletsa dihlopha tse mmalwa tse nyane. Dibaka tsa bodulo di ne di kgethwa ka karohano ya morabe. Pakeng tsa 1960 le 1983, Maafrika a batho ba batsho a dimilione tse 3.5 a ile a tloswa malapeng a bona mme a qobellwa ho ya dibakeng tse arohaneng ka lebaka la molao wa kgethollo ya morabe, ho tse ding tsa dikoduwa tse kgolo ka ho fetisisa historing ya sejwalejwale. Bongata ba ho fallisoa hona ho reretsoeng ho ne ho reretsoe ho thibela baahi ba batšo ho ba leshome ba khethiloeng e le "mahae a meloko", a tsejoang hape e le bathostan, ao a mane a 'ona a ileng a fetoha linaha tse ikemetseng ka lebitso.Mmuso o phatlalalitse hore batho ba falliselitsoeng ba tla lahleheloa ke boahi ba bona ba Afrika Boroa ha ba ntse ba kenella ho bathostan.
Kgethollo e bakile kganyetso e kgolo ya matjhabeng le ea lehae, e ileng ya fella ka tse ding tsa mekgatlo ya setjhaba ya lefatshe e nang le tshusumetso e kgolo ya lekgolo la bo20 la dilemo. E ne e le sepheo sa ho nyatsuwa kgafetsa Matjhaba a Kopaneng mme ya tlisa dikotlo tse ngata tsa matjhaba, ho kenyeletsoa dithibelo tsa dibetsa le likotlo tsa moruo ho Afrika Borwa Nakong ya bo-1970 le bo-1980, khanyetso ya ka hare kgahlanong le khethollo ea morabe e ile ya eketseha ka mabifi, ea baka litlhaselo tse sehloho ke mmuso o etelletseng pele ke National Party le pefo e telele ya dihlopha tse ileng tsa siea ba dikete ba shwele kapa ba le ditlamong.[2] Komishene ya Nnete le Poelano e fumane hore ho bile le batho ba 21,000 ba shoeleng ka lebaka la diketso tsa pefo tse amanang le lipolotiki; ho ile ha e-ba le batho ba 7,000 ba shweleng pakeng tsa 1948 le 1989, ha batho ba 14,000 ba ile ba shwa mme ba 22,000 ba tswa dikotsi nakong ya phetoho pakeng tsa 1990 le 1994. Ho ile ha nkuwa mehato e meng ya ho fetola tsamaiso ya kgethollo ea morabe (apartheid), ho kenyeletswa le ho lumella batho ba tsoang India le ba mebala e fapaneng (Coloureds) ho ba le baemedi ba dipolotiki palamenteng, empa mehato ena e ile ya hloleha ho kgotsofatsa lihlopha tse ngata tsa baitseki.[3]
Pakeng tsa selemo sa 1987 le 1993, National Party e ile ea kena lipuisanong tse tobileng le African National Congress (ANC)—mokgatlo o ka sehloohong oa lipolotiki o neng o lwantsha khethollo ea morabe (apartheid)—ka sepheo sa ho felisa kgethollo le ho theha puso ea bongata ba batho. Ka 1990, batho ba hlaheletseng ba ANC, ba kang Nelson Mandela, ba ile ba lokollwa tjhankaneng. Melao ea khethollo ya morabe e ile ya hlakolwa ka la 17 Phuptjane 1991, e leng se ileng sa lebisa likhethong tse kenelletsweng ke batho ba merabe eohle ka Mmesa 1994. Ho tloha ha khethollo ea morabe e fela, likhetho li bile pepeneneng ebile li na le tlholisano, 'me bophelo ba Maafrika Boroa bo ntlafetse likarolong tse ngata.Dintho tse ileng tsa etella pele
Dingodilweng tse ka sehloohong: Nalane ya Afrika Boroa (1815–1910) le Nalane ya Afrika Borwa (1910–1948)
[fetola | fetola mohloli]Apartheid ke lentsoe la Seafrikaans le bolelang "ho arohana", kapa "boemo ba ho ba thoko", ka mantswe a mang "ho ba thoko" (ho tswa ho sehlongwapele sa Seafrikaans se reng *-heid*).Lekgetlo la pele le ngotsoeng la tshebeliso ea lona e bile ka 1929.

Khethollo ea morabe khahlanong le batho ba Batsho Afrika Boroa e qalile qalong ya bokolone bo boholo ba Europe Afrika Boroa, ha khamphani ya Dutch East India ya dikepe e theha setsi sa kgwebo Qhoboshenaneg ya Good Hope ka selemo ssa 1652, e leng se ileng sa hola hamorao sa fetoha Kolone ya Dutch Cape. Khamphani e ile ya qala Dintwa tsa Khoikhoi le Madathhe (Dutch), moo e ileng ya leleka batho ba moo ba Khoikhoi le Bakgothu, ya ba nkela sebaka ka mapolasi a neng a sebetswa ke baphaphathehi ba Basweu, mme ya tlisa makgoba a batho ba tswang dikarolong tse fapaneng tsa mmuso wa Madatjhe. Mehleng ea bokgoba, makgoba a ne a hloka mangolo a tumello (dipasa) ho tsamaya hole le beng ba ona.
Ka selemo sa 1797, *Landdrost* le *Heemraden*—diofisiri tsa lehae tsa Swellendam le Graaff-Reinet—di ile tsa atolosa melao ya dipasa ho feta makgoba feela, mme tsa laela hore batho bohle ba Khoikhoi (ba neng ba bitswa *Hottentots*) ba tsamayang naheng ka lebaka lefe kapa lefe, ba tlameha ho ba le dipasa. Sena se ile sa tiisoa ke mmuso wa bokolone wa Brithani ka 1809 ka Phatlalatso ya Bakgothu kapa Hottentot, e neng e laela hore haeba motho oa Khoikhoi a batla ho tsamaea, o hloka pasa e tsoang ho monga hae kapa ho ofisiri ea lehae. Molao wa 49 wa selemo sa 1828 o ile wa laela hore batho ba Batsho ba batlang ho kena naheng ba fuoe lipasa bakeng sa morero o le mong feela oa ho batla mosebetsi. Dipasa tsena di ne di fanwa ho batho ba Mmala (Coloureds) le ba Khoikhoi empa e seng ho batho ba bang ba Afrika, leha ho le jwalo le bona ba ne ba qobelloa ho ba le dipasa.

Nakong ya Dintoa tsa Phetoho ya France le tsa Napoleon, Mmuso wa Brithani o ile oa hapa le ho nka taolo ya Kolone ea Cape ya Madatjhe (Dutch Cape Colony). Tlasa Tumellano ea ho inehela ya Cape ya 1806, babusi ba bacha ba Brithani ba ne ba tlamehile ho hlompha melao e neng e entsoe pele tlas'a molao oa Roma-Dutch,mme sena se ile sa lebisa karohanong ya molao wa Afrika Borwa ho tloha ho Molao o Tlwaelehileng oa Engelane (English Common Law) hammoho le boipuso bo boholo ba ho etsa melao. Babusi le makhotla a neng a laola ts'ebetso ea molao dikoloneng tse fapaneng tsa Afrika Borwa ba ile ba qala tsela e ikemetseng ea ho etsa melao e fapaneng le ya dikarolo tse ding tsa Mmuso oa Brithani.
Molao oa United Kingdom wa ho Felisa Bokgabane (Slavery Abolition Act) oa 1833 o ile oa theha mokhoa oa ho felisa bokgabane butle-butle likarolong tse ngata tsa Mmuso wa Brithani. Khoebo ea makgoba e ile ya etswa e seng molaong ho pholletsa le Mmuso wa Brithani ka 1837, 'me Nigeria le Bahrain e ne e le dibaka tsa ho qetela tsa Brithani ho fedisa bokgabane.[4] Molao ona o ile oa hlola Tumellano ya ho inehela ya Cape. E le ho latela molao ona, melao ya Afrika Borwa e ile ea atolosoa ho kenyelletsa Molaoana wa 1 (Ordinance 1) ka 1835, o ileng oa fetola boemo ba makhoba ho ba basebetsi ba tlamiloeng ka konteraka (indentured labourers). Sena se ile sa lateloa ke Molaoana oa 3 (Ordinance 3) ka 1848, o ileng wa hlahisa tsamaiso ea konteraka bakeng sa batho ba Xhosa e neng e sa fapana haholo le bokhabane.
Dikolone tse fapaneng tsa Afrika Borwa di ile tsa fetisa melao ho pholletsa le karolo e setseng ea lekholo la bo-19 la dilemo ho fokotsa tokoloho ea basebetsi ba se nang litsebo tse khethehileng, ho eketsa lithibelo ho basebetsi ba tlamilweng ka konteraka le ho laola dikamano dipakeng tsa merabe. Ho sibolloa ha daemane le khauta Afrika Borwa ho ile ha boela ha eketsa ho se lekane ha merabe lipakeng tsa batho ba Basweu le batho ba Batsho. Litsebi tse ling li phehile khang ea hore khopolo-taba ea Apartheid e ka bonwa ho tumelo ya Afrikaner Calvinism, e nang le meetlo e tshwanang ea kgethollo ea morabe; mohlala, ha e sa le ka 1933, lekgotla la batsamaisi la Broederbond le ile la etsa tlhahiso ea karohano e kgolo ea merabe.[5]Sebakeng sa Cape Colony, se neng se e-na le molaotheo o bulehileng le o akarelletsang merabe e fapaneng hammoho le tsamaiso ea ho vouta e neng e lumella banna ba merabe eohle (ho latela maemo a itseng a thepa), Molao wa Franchise and Ballot Act* oa 1892 o ile oa phahamisa maemo a hlokahalang a thepa bakeng sa ho vouta mme wa eketsa tlhoko ea thuto; sena se ile sa amoha palo e kgolo ya bakgethi bao e seng Makgowa tokelo ya ho vouta, 'me Molao oa *Glen Grey Act* ya selemo sa 1894, o ileng oa hlahisoa ke mmuso wa Tonakholo Cecil Rhodes, o ile oa fokotsa sebaka sa mobu oo batho ba Batsho ba neng ba ka ba le oona. Ka mokgowa o tshwanang, Natal, bili ya *Natal Legislative Assembly Bill* ea 1894 e ile ea amoha MaIndia tokelo ea ho vouta. Ka 1896, Rephabliki ea Afrika Borwa (South African Republic) e ile ea hlahisa melao e 'meli e amanang le lipasa, e neng e hloka hore batho ba Batsho ba nke letshwao (kapa pase). Ke ba neng ba hiriloe ke mong'a bona feela ba neng ba dumellwa ho dula sebakeng sa Rand, mme ba neng ba kena sebakeng se khethiloeng bakeng sa mesebetsi ("labour district") ba ne ba hloka pase e kgethehileng. Nakong ea Ntwa ya Bobedi ya Mburu, Mmuso wa Brithani o ile oa sebelisa taba ya tlhekefetso ya morabe khahlanong le batho ba Batšo e le lebaka la ntoa ea oona khahlanong le direphabliki tsa MaBoer. Leha ho le joalo, lipuisano tsa kgotso bakeng sa Tumellano ya Vereeniging (Treaty of Vereeniging) li ile tsa hloka hore ho be le "boemo bo phahameng ba morabe oa Makhooa" Afrika Borwa e le tlhoko ea mantlha bakeng sa hore lirephabliki tsa MaBoer li kopane le 'Muso oa Brithani.
Ka 1905, Molao oa *General Pass Regulations Act* o ile oa hana ho fa batho ba Batšo tokelo ea ho vouta 'me oa ba thibela ho lula libakeng tse itseng feela,[40] 'me ka 1906, Molao oa *Asiatic Registration Act* oa Transvaal Colony o ile oa hloka hore Maindia 'ohle a ingolise le ho nka lipasa. Ho tloha ka 1906, Khomishene ea Litaba tsa Matsoalloa a Afrika Boroa (South African Native Affairs Commission), tlas'a boetapele ba Godfrey Lagden, e ile ea qala ho kenya tšebetsong leano le hlakileng haholoanyane la khethollo ea morabe khahlanong le batho bao e seng Makgowa. Molao oa morao-rao o ile oa hlakoloa ke mmuso ya Brithani empa oa boela oa hlomamisoa ka 1908. Ka 1910, ho ile ha theoa Union of South Africa e le sebaka se ipusang tlas'a puso ea Brithani, 'me sa tsoela pele ka lenaneo la ho etsa melao: Molao oa South Africa (1910) o ile oa fa batho ba basoeu tokelo ea ho vouta le taolo e felletseng ea lipolotiki holim'a lihlopha tse ling tsohle tsa merabe, ha o ntse o hlakola tokelo ea batho ba batšo ea ho ba litho tsa paramente;[43] Molao oa Native Land Act (1913) o ile oa thibela batho ba batšo—ntle le ba neng ba lula profinseng ea Cape—ho reka mobu ka ntle ho libaka tse khethiloeng bakeng sa bona ("reserves"); bili ya Natives in Urban Areas (1918) e ne e reretsoe ho qobella batho ba batšo ho lula libakeng tse khethiloeng (li-"location"); Molao oa Urban Areas Act (1923) o ile oa hlahisa khethollo ea bolulo le ho fana ka basebetsi ba theko e tlase bakeng sa liindasteri tse neng li laoloa ke batho ba basoeu; Molao oa Colour Bar Act (1926) o ile oa thibela basebetsi ba batšo ba merafong ho etsa mesebetsi e hlokang tsebo e khethehileng kapa boitseanape; Molao oa Native Administration Act (1927) o ile oa etsa hore 'Musisi oa Brithani (British Crown), eseng marena a maholo a setso, e be eena ea okametseng litaba tsohle tsa batho ba batšo; Molao oa Native Land and Trust Act (1936) o ile oa tlatselletsa Molao oa Native Land Act oa 1913, 'me selemong sona seo, Molao oa Representation of Natives Act o ile oa tlosa batho ba batšo lenaneng la batho ba nang le tokelo ea ho vouta profinseng ea Cape, oa ba lumella feela ho khetha batho ba bararo ba basoeu ho ba emela Paramenteng.
Mmuso wa United Party wa Jan Smuts o ile wa qala ho tlohela tshebediso e tiileng ya melao ya kgethollo nakong ya Ntoa ya Bobedi ya Lefatshe, empa wa tobana le kganyetso e neng e hola ho tswa ho baahi ba Afrika Borwa ba buang Se-Afrikaans (Afrikaners) ba neng ba batla kgethollo e matla le ho feta. Kamora ntoa, e nngwe ya melao ya pele ya kgethollo e ileng ya fetiswa ke mmuso wa Smuts e ne e le Asiatic Land Tenure Bill (1946), e neng e thibela ho rekisetswa ha Ma-India le batho ba tswang India ba dulang Afrika Borwa mobu. Selemong sona seo, mmuso o ile wa theha Khomishene ya Fagan. Har'a matshwenyeho a hore ho kopanngwa ha merabe ho ka lebisa ho kopaneng ha setso le boitsebiso ba merabe (racial assimilation), mokga o hanyetsang wa Herenigde Nasionale Party (HNP) o ile wa theha Khomishene ya Sauer ho hlahloba ditlamorao tsa maano a United Party. Khomishene e ile ya fihlela qeto ya hore ho kopanngwa ha merabe ho tla baka "ho lahlehelwa ke boitsebiso ba setso" (loss of personality) ho dihlopha tsohle tsa merabe. HNP e ile ya kenyelletsa diphuputso tsa khomishene lenaneong la yona la letsholo la dikgetho tsa naha tsa Afrika Borwa tsa 1948, tseo e ileng ya di hapa.[ho hlokeha mohlodi]
Ho thehwa le ntshetsopele
[fetola | fetola mohloli]Apartheid e ile ya hlaha ka lebaka la kgethollo ya merabe e neng e susumetswa ke mekgatlo ya bokolone le ka lebaka la "tshebetso e ikgethang ya indasteri" ya Afrika Borwa.[51] Maano a indasteri a ile a lebisa kgethollong le karohanong ya batho ka mekhahlelo, e leng ntho e neng e "qapilwe ka ho kgetheha ho tshehetsa diindasteri tsa pele tse kang tsa merafo". Basebetsi ba lefang tlase e ne e le motheo wa moruo, mme basebetsi bana ba ne ba nkuwa ho tswa ho dihlopha tseo mmuso o neng o di bitsa batho ba phelang ka temo e nyane (peasant groups) le bafalli.Boholo ba yona, kgopolo ya dipolotiki ya apartheid e ile ya hlaha bokoloneng ba Afrika ke mebuso ya Yuropa, e ileng ya theha mokgwa wa semmuso wa kgethollo ya merabe le ho sebedisa filosofi ya ho nka batho ba matsoalloa e le ba tlase ba hlokang ho "ruta mekgwa ya setso sa sejoale-joale".
Likhetho tsa 1948
[fetola | fetola mohloli]Afrika Borwa e ne e lumelletse meetlo ea sechaba le melao ho laola litaba tse amanang le merabe e fapaneng hammoho le kabo ea menyetla ea moruo, boemo ba sechaba le lipolotiki ho latela morabe. Ka selemo sa 1948, mekhatlo ea lipolotiki ea batho ba batšo le baetapele ba kang Alfred Xuma, James Mpanza, African National Congress, le Council of Non-European Trade Unions ba ile ba qala ho batla litokelo tsa lipolotiki, phetoho ea kabo ea mobu, le tokelo ea ho theha mekhatlo ea basebetsi.
Batho ba basweu ba ile ba arabela hampe liphetohong tsena, e leng se ileng sa lumella mokhatlo oa Herenigde Nasionale Party (HNP) ho kholisa karolo e kholo ea bakhethi hore ho hloleha ha United Party ho thibela tsoelo-pele ea boemo ba batho bao e seng basweu ho ne ho bontša hore mokhatlo oo o ne o se o laoloa ke batho ba nang le maikutlo a tokoloho a Bophirimela (Western liberals). Smuts, e le motho ea neng a tšehetsa haholo Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng (UN), o ile a lahleheloa ke tšehetso ea lapeng ha Afrika Borwa e ne e nyatsuoa ke linaha tse ling tsa UN ka lebaka la khethollo ea morabe le taolo ea eona e tsoelang pele holim'a South West Africa.
HNP e ile ea phatlalatsa hore e fana ka leano le lecha ho bakhethi ho netefatsa hore puso ea batho ba basweu ea tsoela pele. Qalong, leano lena le ne le thehiloe khopolong e ngotsoeng ke Hendrik Verwoerd 'me la hlahisoa ho HNP ke Khomishene ea Sauer. Sepheo sa khomishene e ne e le ho tlosa batho ba batšo ka botlalo libakeng tse behetsoeng batho ba basweu, ho kenyeletsoa le litoropong, ntle le basebetsi ba tlang ho sebetsa ka nakoana feela. Batho ba batšo ba ne ba tla khothaletsoa ho theha mekhatlo ea bona ea lipolotiki libakeng tse behetsoeng bona. Mokhatlo o ile oa reha leano lena lebitso – apartheid. Apartheid e ne e tla ba motheo oa mantlha oa khopolo le ts'ebetso ea lipolotiki tsa Ma-Afrikaner ka lilemo tse ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano tse latelang.[58]Sepheo sa khomishene e ne e le ho tlosa batho ba batšo ka botlalo libakeng tse neng li abetsoe batho ba basweu, ho kenyeletsoa le litoropong, ntle le basebetsi ba tlang ho sebetsa ka nakoana. Batho ba batšo ba ne ba tla khothaletsoa ho theha mekhatlo ea bona ea lipolotiki naheng e neng e ba abetsoe.Mokha o ile oa reha leano lena lebitso – apartheid. Apartheid e ne e tla ba motheo oa mantlha oa khopolo-taba le ts'ebetso ea lipolotiki tsa Ma-Afrikaner ka lilemo tse ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano tse latelang.
Dihlopha tse neng di tshehetsa United Party ka tloaelo ha lia ka tsa nka maemo a Dumellanang feela, empa tsa iphumana li sa utloane le ho feta. Ho hana ha Smuts ho nahana ka leano la kantle la Afrika Borwa ha ho ntse ho e-ba le tsitsipano e ntseng e hola ea Ntwa ya Cold War ho ile ha baka ho se khotsofale, ha ba-nationalist ba ne ba tshepisa ho tlosa batho ba tšehetsang bokomonisi mmusong le lits'ebeletsong tsa setjhaba. Mokga o ne o dula o amahanngoa le batho ba ruileng le beng ba likhoebo tse kholo, Mme o hlolehile ho hohela batho ba sebetsang ba neng ba o tshehetsa.
HNP e ile ya hapa litereke tse robeli tsa dikgetho dibakeng tsa merafo le indasteri tsa Witwatersrand le tse ling tse hlano Pretoria. Ntle le dibaka tsa mahaeng tsa Natal moo bongata ba bakhethi e neng e le beng ba masimo ba buang Senyesemane, United Party e ile ea hloloa hoo e ka bang seterekeng se seng le se seng sa mahaeng. Tahlehelo ea eona litoropong tsa profinse e nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa naheng, e leng Transvaal, le eona e ile ea ba bohloko haholo. Kaha mokhoa oa ho vouta o ne o sekametse haholo ho tshehetsa ditereke tsa mahaeng le Transvaal haholo-holo, dikgetho tsa selemo sa 1948 di ile tsa bona HNP e etella pele paramenteng ka phapang ya dikgetho tse robeli. Daniel François Malan e ile ea e-ba tonakholo ea pele ya nationalist, a ikemiselitse ho kenya tšebetsong filosofi ea apartheid le ho thibela kganyetso ea ba liberal
Ka hare ho HNP ho ne ho e-na le dikarohano mabapi le tshebetsong ya karohano ya morabe e hlophisitsoeng. Sehlopha sa "baasskap" (taolo ea basweu kapa tumelo ea hore basweu ba phahametse ba bang), e leng sona se neng se laola HNP le litsi tsa mmuso, se ne se tshehetsa karohano e hlophisitsoeng, empa hape se ne se tshehetsa ho nka karolo ha batho ba batsho moruong, ka taolo ya basebetsi ba batsho e le hore ho ntlafatsoe melemo ya moruo wa Ma-Afrikaner. Sehlopha sa bobedi e ne e le "ba-purists", ba neng ba dumela ho "karohano e otlolohileng", moo batho ba batsho le basweu ba neng ba tla arolwa ka ho feletseng, ka batho ba batsho ba dulang dibakeng tsa tlhaho, ka dibopeho tse arohaneng tsa dipolotiki le tsa moruo, tseo, ba neng ba dumela, di tla baka bohloko bo boholo ba nako e kgutshwane, empa hape di ne di tla lebisa boipusong ba batho ba basweu ba Afrika Borwa ho basebetsi ba batsho ka nako e telele. Sehlopha sa boraro, se neng se kenyeletsa Hendrik Verwoerd, se ile sa utlwela ba-purists bohloko, empa sa dumella tshebediso ya basebetsi ba batsho, ha se ntse se kenya tshebetsong sepheo sa ba-purist sa karohano e otlolohileng. Verwoerd o ne a tla bitsa leano lena e le leano la "boahelani bo botle" e le mokhoa wa ho lokafatsa karohano e jwalo.
Melao
[fetola | fetola mohloli]Hendrik Verwoerd, Letona la Ditaba tsa Matswallwa (1950–1958) le Tonakholo (1958–1966), o ile a fumana lebitso la 'Moqapi oa Apartheid' ka lebaka la karolo e kholo eo a e bapalileng ho theheng melao ena.

Baeta-pele ba HNP ba ile ba pheha khang ea hore Afrika Boroa e ne e sa entsoe ka sechaba se le seng, empa e entsoe ka lihlopha tse nnè tse fapaneng tsa merabe: makhooa, batho ba batšo, batho ba mebala (Coloureds) le Maindia. Dihlopha tsena li ile tsa aroloa likarolong tse 13 tsa ditjhaba kapa mekgatlo ea merabe. Sehlopha sa makhooa se ne se kenyelletsa batho ba buang Senyesemane le Afrikaans; ha batho ba batsho bona ba ne ba arotsoe ka dihlopha tse leshome tse joalo.
Mmuso o ile oa theha melao e ileng ya bula tsela bakeng sa "apartheid e kgolo" (grand apartheid), e neng e shebana le ho arola merabe ka tekanyo e kgolo, ka ho qobella batho ho lula dibakeng tse arohaneng ho latela morabe. Leano lena le ile la nkoa karolong e nngwe ho tswa tsamaisong ya puso ya Borithane e neng e setse, e neng e arola dihlopha tse fapaneng tsa merabe ka mora hore ba nke taolo ya linaha tsa Maboer (Boer republics) ntweng ya Anglo-Boer. Sena se ile sa baka ho thewa ha "mabaka" (townships) kapa libaka tse khethehileng tsa batho ba batsho feela, moo batho ba batsho ba neng ba fallisetswa metseng ya bona. Jwaloka Letona la Ditaba tsa Matswallwa pusong ya HNP ho tloha ka 1950, Hendrik Verwoerd o ile a bapala karolo ea bohlokoa ho hlophiseng melao ena, e leng se ileng sa etsa hore a bitswe 'Moqapi oa Apartheid'.
Melao e mmeli ya pele ya apartheid e kgolo e ne e le Molao oa Ngoliso ea Baahi (Population Registration Act) wa 1950, le Molao wa Libaka tsa Dihlopha (Group Areas Act) wa selemo sa 1950; melao ena e ile ea arola dibaka tsa ditoropo ho ba "libaka tsa lihlopha" moo beng ba thepa le bolulo di neng di lekanyeditswe ho dihlopha tse itseng tsa baahi.Tlasa Molao wa Ngoliso ya Baahi, mokhoa oa ho arola batho ka merabe o ile oa hlophisoa ka molao mme oa hloka hore motho e mong le e mong ea fetang lilemo tse 18 a be le karete ea boitsebiso e bontšang sehlopha sa hae sa morabe. Ho ile ha theooa lihlopha kapa makgotla a semmuso ho etsa qeto mabapi le batho bao morabe oa bona o neng o sa hlaka. Sena se ile sa baka mathata, haholo-holo ho batho ba 'Coloured', ka ho arohanya malapa ha litho tsa ona li ne li abeloa merabe e fapaneng.Ho fihlela ka nako eo, libaka tse ngata tsa bolulo li ne li e-na le batho ba merabe e fapaneng ba phelang hammoho. Molao ona o ile oa felisa libaka tse kopanyang merabe 'me oa laola hore na motho o lula hokae ho latela morabe oa hae. Morabe ka mong o ile oa abeloa sebaka sa oona, e leng se ileng sa sebelisoa hamorao e le motheo oa ho falla ka qobello. Molao oa Prevention of Illegal Squatting Act oa 1951 o ile oa lumella 'muso ho heletsa metsana ea matlo a manyane a sa hlophisehang a batho ba batšo, le ho qobella bahiri ba basoeu ho lefella kaho ea matlo bakeng sa basebetsi ba batšo ba neng ba lumelletsoe ho lula litoropong tse neng li reretsoe basoeu feela. Molao oa Native Laws Amendment Act oa 1952 o ile oa tiisa le ho laola melao ea lipasa bohareng, e le hore batho ba batšo ba se ke ba lula libakeng tsa litoropo nako e fetang lihora tse 72 ntle le tumello.
Molao oa Prohibition of Mixed Marriages Act oa 1949 o ile a thibela lenyalo pakeng tsa batho ba merabe e fapaneng, 'me Molao oa Immorality Act oa 1950 oa etsa hore likamano tsa thobalano pakeng tsa basoeu le batho ba merabe e meng e be tlolo ea molao.
Tlas'a Molao oa Reservation of Separate Amenities Act oa 1953, dibaka tsa sechaba li ne li ka beheloa morabe o itseng ka thoko, e leng se ileng sa baka, har'a lintho tse ling, ho ba le mabopo a leoatle, libese, lipetlele, likolo le liyunivesithi tse arohaneng. Matšoao a kang "bakeng sa basoeu feela" a ne a sebelisoa libakeng tsa sechaba, ho kenyeletsoa le litulo tsa lipakeng tsa boikhathollo. Batho ba batšo ba Afrika Boroa ba ne ba fuwa ditshebeletso tse tlase haholo ha li bapisoa le tsa basoeu, hammoho le tsa batho ba Maindia le ba Coloured (batho ba mebala e tsoakiloeng), le hoja phapang e ne e se kholo hakaalo ho ba sehlopha sa ho qetela.
Melao e meng e ne e ikemiselitse ho hatella khanyetso khahlanong le khethollo ea morabe (apartheid), haholo-holo khanyetso e sebelisang lihlomo. Molao oa Suppression of Communism Act oa 1950 o ile oa thibela Mokha oa Bokomonisi oa Afrika Boroa (Communist Party of South Africa) le mokha ofe kapa ofe o latelang likhopolo tsa Bokomonisi. Molao ona o ile oa hlalosa Bokomonisi le lipheo tsa bona ka tsela e pharaletseng hoo mang kapa mang ea neng a hanyetsa maano a 'muso a neng a ka nkoa e le Mokomonisi. Kaha molao o ne o bolela ka ho hlaka hore Bokomonisi bo ikemiselitse ho senya kutloano pakeng tsa merabe, o ne o sebelisoa khafetsa ho thibela khanyetso khahlanong le khethollo ea morabe. Likopano tse sa laoleheng li ile tsa thibeloa, hammoho le mekhatlo e meng e neng e nkoa e le tšokelo ho 'muso. Hape o ile oa fa Lefapha la Toka matla a ho fana ka litaelo tsa thibelo.[80]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ Mayne, Alan (1999). From Politics Past to Politics Future: An Integrated Analysis of Current and Emergent Paradigms. Westport, Connecticut: Praeger. p. 52. ISBN 978-0-275-96151-0
- ↑ https://www.theguardian.com/world/2010/jan/31/nelson-mandela-de-klerk-apartheid
- ↑ http://news.bbc.co.uk/onthisday/hi/dates/stories/february/2/newsid_2524000/2524997.stm
- ↑ Northrup, David (September 2007). "A. E. Afigbo. The Abolition of the Slave Trade in Southeastern Nigeria. 1885-1950. Rochester: University of Rochester Press, 2006. Rochester Studies in African History and the Diaspora. xv + 210 pp. Maps. Appendixes. Bibliography. Index. $75.00. Cloth". African Studies Review. 50 (2): 228–229. doi:10.1353/arw.2007.0116. ISSN 0002-0206.
- ↑ Dubow, Saul, "Afrikaner Nationalism, Apartheid and the conceptualisation of 'RaceTemplate:'", The Journal of African History, 33 (1992) pp. 209–237 (pp. 209, 211)