Jump to content

Kopano ya Aforika

E tswa ho Wikipedia

Motheo wa nalane ya Kopano ya Aforika (African Union (AU)) o qadile ka Kopano ya Pele ya Dinaha tse Ikemetseng Tsa Aforika, e neng e tshwaretswe teropong ya Accra, naheneng ya Ghana ho tloha ka la 15 ho isa ho la 22 Mmesa ka selemo sa 1958. Seboka sena se ne se reretswe ho theha Letsatsi la Aforika ho tshwaya mokgatlo wa tokolloho selemo le selemo mabapi le boikemisetso ba batho ba Maaforika ba ho itokolla pusong ya bokolone, hammoho le boiteko ba kgafetsa ba ho kopanya Aforika, ho kenyelletswa Mokgatlo wa Bonngwe ba Aforika (Organisation of African Unity(OAU)), o thehilweng ka la 25 Motsheanong ka selemo sa 1963, le Mokgatlo wa Moruo wa Aforika ka 1991[1]

Letshwao la African Union

. Bahlahlobisisi ba pheha kgang ya hore OAU ka ho kgetheha ha ya etse letho ho sirelletsa ditokelo tsa baahi ba Aforika ho baetapele ba bona ba dipolotiki, hangata ba e bitsa "Sehlopha sa "Bahatelli"[2] Mohopolo wa ho theha AU o ile wa tsosolloswa bohareng ba bo-1990 tlasa boetapele ba moetapele wa naha ya Libya Muammar al-Gaddafi[3]; baetapele tsa dinaha le mebuso ya OAU di phatlalladitse Phatlalatso ya Sirte (e rehilweng mabapi le teropo ya Sirte, e naheng ya Libya) ka la 9 Lwetse 1999, e qadileng ho thewa ha African Union. Phatlalatso ena e ile ya latelwa ke dipuisano teropong e bitswang Lomé, naheng ya Togo ka selemo sa 2000, ha Molao wa Motheo wa African Union o ne o amohelwa, le teropong ya Lusaka ka selemo sa 2001, ha ho ne ho amohelwa moralo wa ho kenya tshebetsong African Union.[1] Ka yano nako eo, mohato wa ho theha New Partnership for Africa's Development (NEPAD)[4] le ona o ile wa thewa.

Mopresidente Obama le Baetapele ba Aforika ba tshehetsa Dr Dlamini Zuma ka selemo sa 2014.

African Union e ile ya tsebiswa teropong ya Durban ka la 9 Phupu ka selemo sa 2002 ke modulasetulo wa yona wa pele, eo e neng e le moetapele wa naha ya Aforika Borwa Thabo Mbeki, kopanong ya pele ya African Union. Seboka sa bobedi sa Kopano se ile sa tshwarelwa teropong ya Maputo ka selemo sa 2003 mme seboka sa boraro sa tshwarelwa teropong ya Addis Ababa ka la 6 Phupu ka selemo sa 2004[1]. Ho tloha ka selemo sa 2010, African Union e shebile ho theha lefapha le kopaneng la sebaka sa Aforika.[3]

Barack Obama e ne e le mopresidente wa pele wa naha ya United States ya kileng a bua ka pela African Union teropong ya Addis Ababa ka la 29 Phupu ka selemo sa 2015[5]. Puong ya hae, o ile a kgothalletsa lefatshe ho eketsa dikamano tsa moruo ka ho etsa matsete le ho hwebisana le kontinente mme a rorisa dipontsho tsa tswelopele e entsweng mabapi le thuto, meahong le moruong. Leha ho le jwalo, o ile a nyatsa ho haella ha demokrasi le baetapele ba hanang ho theoha ditulo, kgethollo kgahlanong le merabe e fokolang (ho kenyeletsoa batho ba LGBT, dihlopha tsa bodumedi le merabe e fapaneng) le bobodu. O ile a fana ka tlhahiso ya ho matlafatsa demokrasi le ho hwebisana ho sa lefellweng[3] ho ntlafatsaba bophelo ba Maaforika ka ho fetesisa.[3][5]

  1. 1 2 3 "About the African Union | African Union". au.int. Archived from the original on 2025-05-13. Retrieved 2025-05-12.
  2. "Organisation of African Unity (OAU) | South African History Online". www.sahistory.org.za. Retrieved 2025-05-12.
  3. 1 2 3 4 "African Union (AU) | History, Organization, & Members | Britannica". www.britannica.com (in English). 2025-04-14. Retrieved 2025-05-12.
  4. "NEPAD Home | AUDA-NEPAD". www.nepad.org. Retrieved 2025-05-12.
  5. 1 2 "Remarks by President Obama to the People of Africa". whitehouse.gov (in English). 2015-07-28. Retrieved 2025-05-12.