Lefu la Mopapa Francis
Mopapa Francis
[fetola | fetola mohloli]
Mopapa Francis, eo mabitso a hae a felletseng e le Jorge Mario Bergoglio, o tswetswe ka la 17 Tshitwe ka selemo sa 1936 motseng o bitswang Flores, toropong ya Buenos Aires naheng ya Argentina[1]. Lefu le mo kgaoletsa ka la 21 Mmesa 2025 ka mora ho kula nako e kgutshwane[2] a le dilemo tse 88[3] . Mopapa o phetse bophelo ba hae a itetse ho sebelletsa Modimo. E ne e le motho wa kgotso ebile a rata hore ho be le kgotso lefatshe ka bophara. E ne e le Mopapa wa bo 266 wa Kereke ya Roma e Khatholiki , ebile Mopapa ho tloha ka selemo sa 2013 hofihlella lefu le mo kgaoletsa ka selemo sa 2025 .
Tsa lepato
[fetola | fetola mohloli]Mopapa o tla patwa ka la 26 Mmesa selemong sena sa 2025[3]. Lefu le tla tshwarelwa kerekeng ya St. Peter's Basilica moo setopo sa hae se tlang ho behwa teng ho tloha ka la 23 Mmesa 2025[3]. O tla patwa sebakeng se bitswang Papal Basilica of Saint Mary Major moo ho patwang Bapapa feela[3]. Lefatshe lohle le hloname ke ho lahlehelwa ke Mopapa Francis.
- ↑ "Biography | Francis". www.vatican.va. Retrieved 2025-04-23.
- ↑ "How Pope Francis Broke From Tradition—Even in Death". Biography (in en-US). 2025-04-22. Retrieved 2025-05-07.
- 1 2 3 4 "Conclave live: Conclave begins today; meet the 'deputy pope' who could be new head of Catholic Church". Sky News (in English). Retrieved 2025-05-07.