Jump to content

Letlole la Nelson Mandela la Bana

E tswa ho Wikipedia
Letlole la Nelson Mandela la Bana

Letlole la Nelson Mandela la Bana ( Nelson Mandela Children's Fund (NMCF)) ke mokgatlo wa dithuso o thehilweng ke Nelson Mandela, o thehilweng Afrika Borwa. Morero wa ona ke ho thusa bana ho tloha tswalong ho fihlella ba le dilemo tse 22.[1]

Ka selemo sa1995, Mandela o ile a ema ho bua le bana seterateng Cape Town, mme a susumetseha ho theha mokgatlo.

Ha a theha mokgatlo, o ile a tshepisa ho fana ka karolo ya boraro ya moputso wa hae ho NMCF, mme a qala ho bokella tjhelete.[2]

Letlole la Nelson Mandela la Bana le leka ho fetola tsela eo setjhaba se tshwarang bana le batjha ba sona ka yona. Pono ena ya nako e telele e bontsha karolo ya bohlokwa eo setjhaba se e phethang ho bopeng bophelo ba bana mme morero ke ho fa ngwana wa moAfrika lentswe le serithi ka ho aha mokgatlo o thehiloeng ka ditokelo.[1]

Tshirelletso le Polokeho ya Bana (Child Safety and Protection (CSP)) e ikemiselitse ho theha tikoloho e sirelletsehileng bakeng sa bana le batjha dikolong le setjhabeng. Lenaneo lena le shebile haholoholo ho fokotsa kotlo ya bana dikolong, ho fokotsa tlhekefetso ya thobalano le ya bong hara basadi le banana le ho fedisa ho hlekefetswa dikolong. Lenaneo lena hajwale le ntse le sebetsa diporofenseng tse latelang Limpopo, Gauteng, Kwa-Zulu Natal, Eastern Cape le Western Cape.[3][4]

Lenaneo la Boetapele ba Batjhha (Youth Leadership Programme (YLP)) le tsepamisitse maikutlo ho ho buella le ho susumetsa bana le batjha, ka ho hatella ho kgannela bana le batjha ho etsa phetoho e ntle setjhabeng. Ka tlasa Lenaneo la Boetapele ba Batjha ho na le diporojeke tse nne tse etswang. Diporojeke tsena ke Efeng Batjha, Children's Parliament, Legacy Academy le YLP Alumni.[5]

Letlole la Nelson Mandela la Bana hajwale le na le diofisi Johannesburg, Afrika Borwa (Ofisi e kgolo) le London, United Kingdom, tse shebaneng le ho bokella tjhelete.

  1. 1 2 https://www.nelsonmandelachildrensfund.com/who-we-are/
  2. https://www.nelsonmandelachildrensfund.com/?playlist=7b186a4&video=ba884e2
  3. https://www.nelsonmandelachildrensfund.com/child-safety-protection/
  4. https://www.nelsonmandelachildrensfund.com/?playlist=7b186a4&video=af7a0dc
  5. https://www.nelsonmandelachildrensfund.com/youth-leadership/