Jump to content

Letsatsi la Lefa (Aforika Borwa)

E tswa ho Wikipedia

Letsatsi la Bohlokwa ba Setso (ka Seafrikaans: Erfenisdag; ka Sexhosa: Usuku Lwamagugu kapa Usuku lokugubha amasiko) ke letsatsi la phomolo la setjhaba Afrika Borwa le ketekwang selemo le selemo ka la 24 Lwetse.[1] Ka letsatsi lena, baahi ba Afrika Borwa ba kgothaletswa ho keteka setso sa bona, mefuta-futa ya meetlo le ditlwaelo, ka hara moya wa setjhaba se leng sa batho bohle ba sona.[2]

Ha Letsatsi la Lefa le wela ka Sontaha, Mantaha o latelang o ketekwa e le letsatsi la phomolo la setjhaba. [3]

KwaZulu-Natala, batho ba bangata ba ne ba tseba letsatsi la la 25 Phato e le Letsatsi la Shaka, e le ho hopola Shaka, Morena wa Mazulu, ka letsatsi leo ho nahanoang hore o hlokahetse ka lona ka 1908.[4] Shaka o ile a bapala karolo ea bohlokwa ho kopanyeng meloko e fapaneng ya Ba-Nguni hore e be setjhaba se le seng se momahaneng sa Mazulu.[5] Selemo le selemo, batho ba bokana Sehopotsong sa Shaka ho ea mo hlompha ka letsatsi lena.

Molao-tlhomamiso wa Matsatsi a Phomolo a Setjhaba o ileng oa hlahisoa ho Paramente ya Afrika Borwa ka mora nako ya kgethollo ya merabe ka selemo sa 1894, o ne o sa kenye letsatsi la la 10 Lwetse lenaneng la matsatsi a phomolo a setjhaba a neng a sisintswe. Ka lebaka la ho se kenyeletswe ha letsatsi lena, mokga wa dipolotiki wa Afrika Borwa o nang le ditho tse ngata tsa setjhaba sa Mazulu, e leng Inkatha Freedom Party (IFP), o ile wa hanyetsa molao-tlhomamiso oo. Paramente le mokga wa African National Congress di ile tsa fihlela tumellano, mme letsatsi leo la fuwa lebitso la lona la hajwale la "Letsatsi la ho keteka Lefa" (Heritage Day) la ba la amohelwa e le letsatsi la phomolo la setjhaba.

Ho ketekwa

[fetola | fetola mohloli]

Baahi ba Afrika Borwa ba keteka letsatsi lena ka ho hopola lefa la setso la ditso tse ngata tse bopang baahi ba naha ena. Ho hlophiswa diketsahalo tse fapaneng naheng ka bophara, tse kang ho besa nama (braai), ho ikgopotsa letsatsi lena.[4]

 Mopresidente wa mehleng wa Profinse wa Western Cape, Ebrahim Rasool, o ile a bua le setjhaba moketeng wa Letsatsi la Bohlokwa ba Setso (Heritage Day) tseleng ya Gugulethu Heritage Trail, Gugulethu, ka 2007. Hout Bay, ho ba le mokoloko wa sesole le papiso ya ntwa e ileng ya lwana moo.[6]

Ditlhaloso

[fetola | fetola mohloli]

Ditshupiso

[fetola | fetola mohloli]

Dihokelo tsa ka ntle

[fetola | fetola mohloli]
  1. ↑ https://www.gov.za/news/events/commemorative-events/heritage-day
  2. ↑ https://www.parliament.gov.za/press-releases/parliament-statement-heritage-day
  3. ↑ https://www.gov.za/about-sa/public-holidays
  4. 1 2 https://sahistory.org.za/article/heritage-day-braai-day-or-shaka-day-whose-heritage-it-anyway
  5. ↑ https://sahistory.org.za/article/heritage-day-braai-day-or-shaka-day-whose-heritage-it-anyway
  6. ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2025-10-08. Retrieved 2026-09-04.