Letsatsi la Tokoloho (Aforika Borwa)
Letsatsi la Tokoloho ke letsatsi la phomolo Afrika Borwa le ketekwang ka la 27 Mmesa. [1] E tshwara dikgetho tsa pele ka mora kgethollo ya merabe ka 1994 le letsatsi leo ka lona motheo o motjha o ileng ya hlahiswa. Dikgetho tsena e ne e le Dikgetho tsa naha tsa pele moo motho e mong le e mong ya nang le dilemo tse fetang 18 a tswang sehlopheng sefe kapa sefe sa morabe, a neng a dumellwa ho kgetha.[2]
Ke e nngwe ya matsatsi a phomolo a leshome le metso e mmedi a kgethilweng ke molao wa matsatsi a phomolo a Setjhaba (No. 36 ya 1994).[3]
Moketeng wa pele wa ho ikgopotsa letsatsi la phomolo, mopresidente Nelson Mandela o ile a bua le palamente:[4]
Ha letsatsi lena, la la 27 Mmesa 1994, le qala ho hlaha, ke ba seng bakae feela ba rona ba neng ba ka kgona ho thibela maikutlo a bona, kaha re ile ra hopotswa ka nako e fetileng e tshabehang eo re tswang ho yona re le setjhaba; menyetla e meholo eo re nang le yona hona jwale; le bokamoso bo kganyang bo re ipiletsang. Kahoo re bokana mona kajeno, le dikarolong tse ding tsa naha, ho tshwaya letsatsi la bohlokwa bophelong ba setjhaba sa rona. Kae kapa kae moo Ma-afrika Borwa a leng teng lefatsheng, dipelo tsa rona di otla ka bonngwe, ha re ntse re ntjhafatsa botshepehi ba rona bo kopanetsweng ho naha ya rona le boitlamo ba rona ho bokamoso ba yona.
Letsatsi la tokoloho ke mokete wa selemo le selemo o tshwarwang ka la 27 Mmesa Afrika Borwa. Letsatsi lena le hopotsa Maafrika Borwa boitelo bo ke keng ba lekanngwa bo entsweng ke batho le ditjhaba ho ba lokolla diketaneng tskgethollo o e sa lokang ke ba seng bakae ba kgethilweng. E ba hopotsa boiteko ba bahale ba bona ba naha, haholo-holo Nelson Mandela. O nkwa e le mohlabani wa tokoloho, eseng Afrika Borwa feela empa le lefatsheng lohle. Ke letsatsi le sa tshwaeng feela tokoloho ya Maafrika Borwa ho kgethollo ya merabe empa hape le ho kgutlisa ditokelo tsa bona tsa mantlha tsa botho ka 1994.[5]
Bona hape
[fetola | fetola mohloli]Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ http://www.saflii.org/za/legis/num_act/pha1994163/
- ↑ https://web.archive.org/web/20150704221112/http://www.content.eisa.org.za/old-page/south-africa-voter-registration
- ↑ http://www.saflii.org/za/legis/num_act/pha1994163/
- ↑ https://web.archive.org/web/20230328120444/https://www.sahistory.org.za/article/freedom-day-27-april
- ↑ https://nationaltoday.com/freedom-day-south-africa/