Letsatsi la bomme
Letsatsi la mme ke mokete o tlotlisang bomme ba malapa kapa motho ka mong, hammoho le bomme, ditlamo tsa bomme le tshusumetso ya bomme setjhabeng. E ketekwa ka matsatsi a sa tshwaneng dikarolong tse ngata tsa lefatshe, hangata ka March kapa May. E tlatsetsa meketeng e tshwanang e tlotlisang ditho tsa lelapa, e kang Letsatsi la Ntate, Letsatsi la Bana ba motho le letsatsi la bontate-moholo.
Dinaha tse lefatsheng ka bophara di na le histori elya dilemo tse makgolo-kgolo ya letsatsi la ho keteka bomme.
United States, mokete wa kajeno wa matsatsi a phomolo o qalile Mathwasong a bo20 la dilemo tse fitileng ka hlohleletso ya Anna Jarvis. O hlophisitse tshebeletso ya pele ya borapedi le mokete wa letsatsi la Bomme kerekeng ya Episcopal ya Methodist ya Andrews e Grafton, West Virginia, e sebetsang e le sehalalelo sa letsatsi la bohle la bomme kajeno.[1] Ha e amane ka kotloloho le mekete e mengata ya setso ya bomme le bo-mme e bileng teng lefatsheng ka bophara ka dilemo tse dikete, jwalo ka borapedi ba bagerike ho Cybele, modimo wa mme Rhea, mokete wa Roma wa Hilaria, kapa mokete o mong wa kereke wa bokreste wa Mothering Sunday (o amanang le setshwantsho sa Kereke ya mme). [2][3][4][5]Leha ho le jwalo, dinaheng tse ding, Letsatsi la Bomme le ntse le tshwana le dineano tsena tsa kgale.[6][7][8]

Phetolelo ya Amerika ya letsatsi la bomme e bile ya nyatsuwa ka lebaka la ho ba e rekisitswe haholo.[9][10]Jarvis ka boyena, ya qadileng mokete ona e le ketsahalo ya Ditoro, o ile a maswabi ka khwebo ena mme a bontsha hore ha ho mohla e neng e le sepheo sa hae.[1][11] Ka karabelo, Constance Adelaide Smith o ile a arabela ka katleho Sontaha sa ho ba le mme e le sehopotso sa tlhaloso e pharaletseng ya bo-mme dikarolong tse ding tse ngata tsa lefatshe le buang Senyesemane.
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- 1 2 https://archive.org/details/encyclopediamoth00orei
- ↑ https://en.wikipedia.org/wiki/American_Journal_of_Psychiatry
- ↑ https://books.google.com/books?id=CJJracI4-JUC
- ↑ https://en.wikipedia.org/wiki/Hallmark_Cards
- ↑ https://en.wikipedia.org/wiki/Mother%27s_Day#CITEREFHelsloot2007
- ↑ https://www.bbc.co.uk/religion/religions/christianity/holydays/motheringsunday_1.shtml
- ↑ https://www.bbc.co.uk/newsround/17343360
- ↑ https://www.churchofengland.org/news-and-media/stories-and-features/mothering-sunday-what-are-its-origins-church
- ↑ https://www.independent.co.uk/life-style/mothers-day-today-2016-when-is-it-why-celebrate-which-countries-a7019121.html
- ↑ https://www.telegraph.co.uk/news/0/mothers-day-2017-uk-date-facts-traditions/
- ↑ https://edition.cnn.com/2018/05/13/us/mothers-day-anna-jarvis-trnd/index.html