Jump to content

Lindsay Moshesh - van der Byl

E tswa ho Wikipedia

 

Lindsay Moshesh-van der Byl ke sebui se kgothatsang se hlahetseng Afrika Borwa, se hapileng dkgau tse ngata, hape ke mokwetlisi wa bophelo , ha mmoho le morupelli wa boikwetliso ba sehlopha le rakgwebo wa kahisano.

Lindsay Moshesh-van der Byl o hlahile ka Phato selemong sa 1985 ho la East London, Eastern Cape. Mme wa hae ke Lekhalate ha ntate wa he ee e ele Mosotho. Ka lebaka la tikoloho ya hae, o ile a ophumana e le lekgoba la tahi ha a le dilemong tsa bo leshome, e leng seo hamorao se ileng sa mo susumelletsa ho fetola bophelo ba hae hore bo be molemo.

Cycle bakeng sa phetoho

[fetola | fetola mohloli]

Ka mekgatlo ya hae ya Linzito Inspires le #Cycle4Change, selemo le selemo o palama baesekele ho tloha Union Buildings e Pretoria ho phatlalla naha, ho kgothaletsa lerato la dibuka le ho bala Afrika Borwa . Jwaloka Moemedi wa Lefatshe wa Thuto ya ho Bala le ho Ngola, o thusitse ho aha dilaeborari dibakeng tsa mahae ho thusa ho phahamisa tsebo ya ho bala le ho ngola ka hara Aforika Borwa ho bapisa naha le Mafatshe a Pele. O batla ho susumetsa batho ho hola ho feta maemo a bona mme e be batho ba molemo ka ho fetisisa ba bona. Ntlha e nngwe ya bohlokwa e bile ho palama baesekele dikilomitara tse 502 ho tloha Johannesburg, Gauteng ho eya Babanango KwaZulu-Natal ho fana ka mabokose a 50 a libuka ho setjhaba. O tsamaile ka baesekele ho tloha Pretoria ho ya Cape Town ka lebaka le tshwanang.

Lindsay ha jwale o dula Soweto, Gauteng.

Mmangwane wa hae ke Nthati Moshesh, mmapala kalaneng wa diterama Afrika Borwa.

Dikgau le kananelo

[fetola | fetola mohloli]
  • 2018 News24 100 Young Mandela
  • 2021 Mail and Guardian 200 Afrika Boroa.
  • Mofihlella Makgaolakgang wa 2020 wa Batjha wa Selemo (Banna) Batjha ba 100 ba MaAforika Borwa ba nang le Tshusumetso ka ho Fetisisa ka tatelano ka 2020 mme a le boemong ba #69 kgatisong
  • *2019 kgatisong ya Batjha ba 100 ba MaAforika Borwa ba nang le Tshusumetso ho Fetisisa.