Lonwabo Tsotsobe
Lonwabo Lennox Tsotsobe ya tswetsweng ka la 7 Hlakubele 1984 ke e mong olwa dipapadi tsa Afrika Borwa yia neng a bapalla sehlopha sa naha sa Afrika Borwa le Dolphins haholo ka potoloho ya lapeng.
Ka Pudungwana 2008, o ile a fumana pitso ya hae ya pele ya naha, ka kgetho ya hae bakeng sa teko ya leeto la Australia. [1]Hamorao o ile a kgethwa bakeng sa mokato wa ODI hape.[2]
Ka mmesa 2011, Tsotsobe o ile a saena ho bapala e le sebapadi sa mose ho mawatle bakeng sa Essex County Cricket Club ho English county cricket.[3]Sebopeho sa hae se ile sa theoha mme ka mora ho nka di-wicket tse hlano dipapading tse tharo tsa sehlopha sa pele sehlopheng sa bobedi sa County Championship o ile a nyahlatswa sehlopheng. Parading tse hlano tsa letsatsi le le leng Tsotsobe o ile a nka di-wikete tse robedi. O ile a bontsha ho ferekana ha hae ka boemo, a hlokomela hore nako eo a e qetileng le Essex e bile "dikhwedi tse pedi tse mpe ka ho fetisisa bophelong ba hae".[4]
Ka Mmesa 2016, o ile a qoswa ke Mokgatlo wa kirikete wa Afrika Borwa(CSA) ka bobodu mabapi le dipapadi tsa 2015-16 Ram Slam T20 Challenge. [5]Ka lebaka leo o ile a kwallwa ho tsohle tsa kirikete. [5]Ka Phupu 2017, kamora ho phethelwa ha dipatlisiso tsa bobodu, o ile a thibelwa ka dilemo tse robedi.[6]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ http://www.espncricinfo.com/ausvrsa2008_09/content/story/379218.html
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2008-12-23. Retrieved 2025-12-19.
- ↑ http://www.espncricinfo.com/county-cricket-2011/content/story/510005.html
- ↑ https://www.bbc.co.uk/sport/cricket/13524107
- 1 2 http://www.espncricinfo.com/southafrica/content/story/1094395.html
- ↑ http://www.espncricinfo.com/southafrica/content/story/1110534.html