Masepala wa Indaka
Mmasepala wa Sebaka sa Indaka e ne e le sebaka sa tsamaiso Seterekeng sa Uthukela sa porofensing ya KwaZulu-Natala, Afrika Borwa . Mmasepala o rehelletswe ka Noka ya Indaka e phallang sebakeng sa mmasepala.[1][2][3]

Indaka ke masepala o nang le baahi ba bangata mahaeng, mme ha o na ditsela tsa naha tse fetang ho ona. [4] Moruo wa Indaka hajwale o itshetlehile ka temo ya boiphediso, ditshebeletso tsa mmuso le mesebetsi ya malapa a ikemetseng. [4]
Kamora dikgetho tsa masepala ka la 3 Phato selemong sa 2016, e ile ya kopanngwa le Masepala o moholo wa Sebaka sa Alfred Duma .[5]
Dibaka tse ka sehloohong
[fetola | fetola mohloli]Palo ya batho ya selemo sa 2001 e arotse masepala ka dibaka tse latelang tse kgolo :
| Sebaka | Khoutu | Sebaka (km 2 ) | Baahi |
|---|---|---|---|
| Ekuvukeni | 51501 | 2.62 | 12,384 |
| Ingwe | 51503 | 75.19 | 5,203 |
| Kliprivier | 51504 | 1.04 | 998 |
| Mabaso | 51505 | 83.50 | 7,034 |
| Mbhense | 51506 | 15.32 | 8,895 |
| Mchunu | 51507 | 107.28 | 19,417 |
| Mthembu | 51508 | 338.79 | 23,000 |
| Nxumalo | 51509 | 45.61 | 9,205 |
| Segweje | 51510 | 19.00 | 8,015 |
| Sithole | 51511 | 199.91 | 18,742 |
| Karolo e setseng ea masepala | 51502 | 103.75 | 747 |
Dipolotiki
[fetola | fetola mohloli]Lekgotla la masepala le bopilwe ke ditho tse mashome a mabedi tse kgethilweng ka boemedi bo lekanang ba ditho tse fapaneng . Makhanselara a leshome a kgethwa ka ho vouta ha batho ba pele ba fetileng di- ward tse leshome, ha a leshome a setseng a kgethwa mananeng a mekga e le hore palo yohle ya baemedi ba mekga e lekane le palo ya divoutu tse amohetsweng.[6]
Likhethong tsa la 18 Motsheanong selemong sa 2011 ha ho mokha o ileng wa fumana bongata; Mokga wa Inkatha Freedom Party (IFP) o hapile Ditulo tse robedi ha Mokga wa African National Congress (ANC) le Mokga wa National Freedom Party (NFP) di hapile ditulo tse tsheletseng ka nngwe. ANC le NFP di thehile mokgatlo o kopaneng ho busa masepala. Tafole e latelang e bontsha diphetho tsa dikgetho. [7][8]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://web.archive.org/web/20110122171519/http://www.kzntopbusiness.co.za/site/indaka-municipality#
- ↑ https://municipalities.co.za/overview/1103/indaka-local-municipality
- ↑ https://www.mapquest.com/za/kwazulu-natal/indaka-local-municipality-283562825
- 1 2 "KwaZulu-Natal Top Business - Indaka Municipality".
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2025-11-14. Retrieved 2026-06-01.
- ↑ https://www.elections.org.za/content/LGEPublicReports/197/Detailed%20Results/KN/KZN233.pdf
- ↑ "Seat Calculation Detail: Indaka" (PDF).
- ↑ https://www.elections.org.za/content/LGEPublicReports/197/Seat%20Calculation%20Detail/NC/NC083.pdf