Melissa Nayimuli

Melissa Nayimuli (ya hlahileng ka la 2 Pherekgong 1996) ke monga sehlooho sa tlholisano ya botle ba Afrika Borwa, mohlahisi, sebini sa mantswe le mopheti wa dipale . Ka Mphalane 2025, o ile a rweswa moqhaka wa semmuso wa Miss Universe South Africa 2025 mme a emela Afrika Borwa tlhodisanong ya bommabotle ya Miss Universe 2025 Thailand . [1]
Bophelo le mosebetsi
[fetola | fetola mohloli]Nayimuli o hlahetse Butterworth, Kapa Botjhabela, lelapeng la batho ba merabe e fapaneng kaha mme wa hae ke Moxhosa mme ntatae ke MoUganda . O boletse phatlalatsa hore o kile a tshwarwa hampe ke batswakwa Afrika Borwa mme a re sepheo sa hae sa bobuelli ke bonngoe le ho kenyeletsa bohle ho pholletsa le kontinente ya Afrika.
Kamora kwetliso ea tlhahiso ea thelevishene le difilimi, Nayimuli o sebeditse lefapheng la boqapi la Afrika Borwa e le mohlahisi, mohlala le sebini sa mantswe.
Mekete ya bommabotle
[fetola | fetola mohloli]Nayimuli o ile a qothisana lehlokwa tlholisanong ya Miss South Africa 2020 mme a kena ho ba bahlano ba hodimo. E ne e le ya ho qetela ya ba 5 ba hodimo tlholisanong ya Miss South Africa 2023. Ka la 22 Mphalane 2025, o ile a phatlalatswa e le mohlodi oa moqhaka wa naha wa Miss Universe South Africa 2025 ka mokhatlo oa African Beauty International, mme a emela Afrika Borwa tlhodisanong ya matjhaba ya Miss Universe 2025 Thailand.
Bophelo ba botho
[fetola | fetola mohloli]Ka la 7 Tshwitwe 2025, Nayimuli o ile a phatlalatsa boitlamo ba hae le mohlahisi wa lifilimi Mandla N. Boitlamo bona bo etsahetse ha a ntse a le Thailand bakeng sa liketsahalo tsa Miss Universe. [2]
Bobuelli le sethala
[fetola | fetola mohloli]Melaetsa ea phatlalatsa ea Nayimuli e bile lihlooho tsa tshepo, bonngoe, ho kenyeletswa le phetoho. Ka mantsoe a hae, o ikemiselitse ho "qala dipuisano tse reretsoeng ho lokisa tshenyo e bakilweng ke lehloyo la basele, eseng feela Afrika Borwa empa le khonthinenteng eohle ya Afrika."
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ Manuel, Compiled by Marilynn. "Melissa Nayimuli crowned Miss Universe SA 2025, headed to finale in Thailand". News24. Retrieved 2025-10-26.
- ↑ https://www.news24.com/drum/celebs/film-director-mandla-n-and-miss-universe-sa-2025-melissa-nayimuli-announce-engagement-20251208-0539