Jump to content

Michaela "Chaeli" Mycroft

E tswa ho Wikipedia

 

Michaela "Chaeli" Mycroft (o hlahile ka la 30 Phato 1994) ke mohanyetsi wa bokgoni naheng ya Aforika Borwa ya nang le boholofadi ba boko(cerebral palsy) o hapile Kgau ya Kgotso ya Matjhaba wa Bana ka selemo sa 2011.[1][2]Kgau ena ela hlaisisitswe ke Mofani wa Moputso wa Kgotso wa Nobel Mairead Maguire. [3] 

Ka selemo sa 2004 Mycroft (o na le dilemo tse 9), kgaiitsedi ya hae Erin (11), Tarryn Terry (12), Justine Terry (9), le Chelsea Terry (6) ba thehile Letsholo la Chaeli motseng wa Cape Town ho bokella tjhelete bakeng sa setulo sa batho ba sa tsebeng ho tsamaya sa Mycroft se nang le motlakase. [4] Mokgatlo ona ha jwale o tsamaisa mananeo a supileng ao a ammeng maphelo amangata a fetang dikete tse supileng ka selemo.

Ka selemo sa 2012, Sebokeng sa Lefatshe sa Bafuputsi ba Moputso wa Nobel Peace se neng se tshwaretswe Chicago(USA), o ile a fuwa Kgau ya Kgotso bakeng sa Tshebetso ya Setjhabeng ba ke mofani wa moputso wa Kgotso ya Nobel F. W. de Klerk, lebitsong la bafuputsi bohle ba moputso.[5] Ka selemo sa 2013 Mycroft o ile a fuwa World of Children Awards (karolong ya Batjha)[6] Ya ileng a hlokomela motjha ya ka tlase ho dilemo tse 21 ya entseng menehelo e meholo maphelong a bana ba bang.

Ka la 3 Lwetse 2015, a le dilemo tse 21, Mycroft e ile ya ba mosadi wa pele ya nang le quadriplegic a ileng a palamela tlhorong ya Thaba ya Kilimanjaro e Tanzania, thaba e phahameng ka ho fetisisa kontinenteng ya Aforika. O ile a ketekela letsatsi la hae la tswalo thabeng eo.[7][8]

Mycroft o ile a etsa nalane ka la 29 Motsheanong 2016, hammoho le Anita Engelbrecht, ka ho ba ba-atlelete ba pele ba diqhwala ho nka karolo le ho phethethela Comrades Marathon, lebelo la ultramarathon la dikhilomitara tse 89 dipakeng tsa Pietermaritzburg le Durban.[9] E ne e le lekgetlo la pele ka dilemo tse 95 tsa ketsahalo eo ho ileng ha eba le mo-atlelete ya neng a dutse setulong sa diqhwala ya ileng a qobella bahlophisi hore ba fetole melao. Ba-atlelete ba ditulo tsa diqhwala ba ne ba thibetswe ho nka karolo pele ho moo.[10]

  1. "Archive copy". Archived from the original on 2019-06-24. Retrieved 2025-06-05.
  2. https://www.unicef.org/education/index_61792.html
  3. "Archive copy". Archived from the original on 2017-02-22. Retrieved 2025-06-05.
  4. "Archive copy". Archived from the original on 2019-12-14. Retrieved 2025-06-05.
  5. "Archive copy". Archived from the original on 2017-02-22. Retrieved 2025-06-05.
  6. https://worldofchildren.org/honoree/michaela-chaeli-mycroft/
  7. https://www.discoverafrica.com/teamwork/
  8. https://www.cnn.com/2015/08/26/africa/chaeli-mycroft-kilimanjaro-climb/index.html
  9. https://www.sport24.co.za/OtherSport/Athletics/South-Africa/first-wheelchair-athletes-complete-comrades-20160530
  10. "Archive copy". Archived from the original on 2017-02-22. Retrieved 2025-06-05.