Jump to content

Mme

E tswa ho Wikipedia
Mme ya pepileng ngwana.

Mme ke motswadi wa ngwana, wa mosadi.[1] Mosadi a ka nkwa e le mme ka lebaka la ho beleha, ka ho hodisa ngwana eo e ka bang ngwana wa hae ya mo tswetseng kapa e ka nnang yaba ha se ya mo tswetseng, kapa ka ho fana ka lehe la hae bakeng la ho ikatisa tabeng ya gestational surrogacy.

Mefuta ya bomme

[fetola | fetola mohloli]

Mme ka ho tswala

[fetola | fetola mohloli]

Ho ba mme ya tswetseng ho batho, jwaloka diphoofolo tse ding tse anyesang, ho etsahala ha mosadi ya immeng a emola lehe le behileng peo. Mosadi a ka ima ka ho etsa thobalano ka mora hore a ntshe mahe. Ho banana ba fepilweng hantle, menarche (nako ya pele ya ho ya matsatsing) hangata e etsahala dilemong tse 12 kapa 13.[2]

Mme ya sa tswalang

[fetola | fetola mohloli]

Hangata mme e ntse e le mosadi e mong ntle le mosadi ya tswetseng, haholoholo haeba a phetha karolo ya bohlokwa ya ho hodisa ngwana. Hangata ke mme ya kopileng ngwana ka molao kapa mme wa bobedi (moratuwa wa ntate wa ngwana ya sa amaneng le yena ka tlhaho). Lentswe lena "othermother" kapa "mme e mong" le ntse le sebediswa maemong a mang bakeng la basadi ba hlokomelang bana bao e seng ba bona ka tlhaho mme wa tlhaho wa ngwana kapa bana a ntse a le teng.[3]

Mme ya imang bakeng la mosadi e mong

[fetola | fetola mohloli]

Mme ya imang bakeng la mosali e mong ke mosadi ya imang ngwana ya tswang leheng la mosadi e mong molemong wa banyalani ba sa kgoneng ho tswala bana. Kahoo mme ya imang bakeng la mosali e mong o ima a be a tswale ngwana eo e seng wa hae wa tlhaho. Ho ba mme ya imang bakeng la mosali e mong e ile ya ba ntho e kgonehang ka lebaka la tswellopele ya thekenoloji, e kang ho in vitro fertilization.[4]

  1. https://www.oed.com/dictionary/mother_n1?tl=true
  2. https://www.medscape.com/viewarticle/589004_3
  3. https://www.un.org/en/development/desa/population/publications/pdf/policy/child-adoption.pdf
  4. https://my.clevelandclinic.org/health/treatments/22457-ivf