Moitseki wa batjha Zulaikha Patel
Zulaikha Patel (ya tswetsweng ka 2002) [1] ke moitseki wa Afrika Borwa wa ho lwantshana le kgethollo ya morabe. O ile a fetoha sesupo sa ntwa kgahlanong le leano la Sekolo se Phahameng sa Banana ba Pitoria mabapi le meriri ya bana ba banana ba batsho ka 2016, a le dilemo tse leshome le metso e meraro (13). Zulaikha le metswalle ya hae ya sekolong ba ile ba tshwara pontsho e ileng ya etsa hore ho be ho seke ha eba le phetoho feela mekgweng le tsamaisong ya sekolo, empa hape hore ho etswe dipatlisiso ka diqoso tsa kgethollo ya morabe sekolong [2]. O qotsitswe a re: "Ho nkopa hore ke fetole moriri waka ho tshwana le ho nkopa hore ke hlakole botsho ba ka"[3] .
Taba ya sekolo se Phahameng sa banana ba Pitoria (Pretoria Girls' High School)
[fetola | fetola mohloli]Sekolo se Phahameng sa Banana sa Pitoria (Pretoria Girls' High School), se fumaneha, Pitoria, Rephaboliki ya Afrika Borwa. Sekolo sena se thehilwe ka selemo sa 1902, mme ha esale e le sa ba basweu ho tloha ha se thewa ho fihlela ka 1990, kaha dikolo tsa Afrika Borwa di ne di arohane ka lebaka la kgethollo ya merabe, empa ho tloha ka 1990, sekolo sena se bulehetse merabe yohle. Ho ya ka CNN, Khoutu ya Boitshwaro ya sekolo se phahameng sa Banana ba Pitoria ha e bue ka ho qoholleha ka afro empa, e beha melao ya ponahalo e akaretsang, ho kenyeletswa le ho laela hore mekgwa yohle "e lokela ho ba e bolokehileng, e hlophisehileng le ho latela yunifomo ya sekolo" [4]. Matitjhere a ne a boleletse baithuti hore moriri wa bona wa afro ke "o sa tlwaelehang" mme o hloka ho thapiswa.[5] Hoo ho ne ho bolela hore moriri wa banana o lokela ho otlollwa kapa ho tlamellwa morao, eseng hore o ebe jwaloka ka di afro [6].
Zulaikha Patel e ne e le e mong wa baithuti ba etelletseng pele boipelaetso kgahlanong le Pretoria Girls High, kgahlano le leano la moriri la sekolo sa banana feela [7] [8]. Batjha ba neng ba ipelaetsa ba ile ba tshosetswa ka ho tshwarwa, ha Zulaikha Patel a neng a etella pele boipelaetso bo kgutsitseng [9] [10]. Video e neng e hatisitswe ebile e manehilwe inthaneteng e ile ya bontsha Zulaikha Patel a tobane le balebedi ba bararo ba hlometseng ba tshireletso ba hirilweng ke batsamaisi ba sekolo ho fedisa boipelaetso [11]. Video ena e ile ya baka dikgang tse kgolo sekolong.
Ditlamorao tsa menyabuketso ya Zulaikha
[fetola | fetola mohloli]Menyabuketso ya Zulaikha Patel ya ho ipelaetsa kgahlano le maano a sekolo sa Pretoria Girls High tsa moriri wa maAfrika di ile tsa tswellisa pele maikutlo a boipelaetso bo bong ka hara Afrika Borwa, sekolong se phahameng sa Lawson Brown se Eastern Cape, le sekolong sa St. Michael's sa Banana se Bloemfontein moo batswadi ba ileng ba tshehetsa bana ba bona mohwatong oo [12]. Boemo bono ba ditaba bo ile ba qholotsa batho ba lefatshe lohle hoo ba ileng qala ho arolelana le ho maneha ditshwatsho tsa bona tsa di-afros ho marangrang a dikgokahanyo le metjheng ya ditaba tsa setjhaba, ba tshehetsa baithuti ba banana ba sekolo se phahameng sa Pretoria [13]. Ho ile ha latela ditaba tsa matjhaba [14]. Mekgahlelo ena ya boipelaetso di bontshitse hore dikgethollo tsa merabe di ntse di tswela pele, leha ho fedisitswe kgethollo ya merabe ka se molao 1991. [15] [16]
Ho phephetsa ha Patel ho ile ha etsa hore ho be le boipelaetso le diphetoho tse eketsehileng. MEC ya Thuto ya Gauteng, Panyaza Lesufi o ile a etela sekolo se phahameng sa banana sa Pitoria ho mamela ditletlebo tsa baithuti batho ba batsho, eseng feela ka maano a moriri empa, le ka kgethollo ya morabe ka kakaretso sekolong. [17][18][19] Ka mohlala, banana ha ba dumellwe ho bua dipuo tsa Afrika dibakeng tsa sekolo, ke Senyesemane feela kapa Afrikaan .[19] Patrick Gaspard, moemedi wa Amerika mona Afrika Borwa, o ile a ngola ka Twitter: "Setjhaba sohle se na le melao. Ebile ka dinako tse ding melao eo e leeme mme e hloka ho pepeswa le ho hanyetswa"[20] . Kamora kopo ya inthaneteng ene ena le dipalo tse ka bang dikete tse mashome a mabedi le metso e mehlano(25,0000) [21] . Lefapha la Thuto la Gauteng le ile la emisa maano a moriri ka hara dikolo.
Tlotlo
[fetola | fetola mohloli]O ile a hlwauwa ka ho fuwa tlotlo ya hoba e emong wa basadi ba lekgolo 100 ba BBC ka selemo sa 2016.[22]
Dibuka
[fetola | fetola mohloli]- Patel,Zulaikha (July 2021). My Coily Crown Hair. Lingua Franca.
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://www.bbc.com/news/world-38012048
- ↑ Sixteen-year-old Zulaikha Patel plans radical naked protest against victim shaming | The Citizen
- ↑ http://www.you.co.za/lekker-sa/four-south-africa-women-make-it-on-bbcs-100-women-list-2016/
- ↑ Students protest school’s alledged racist hair policy | CNN
- ↑ http://www.cnn.com/2016/08/31/africa/south-africa-school-racism/index.html
- ↑ South African schoolgirl REFUSES to tame her afro despite school rules, goes viral | Daily Mail Online
- ↑ http://ewn.co.za/2016/11/23/four-south-africans-make-it-on-bbc-s-100-women-list-for-2016
- ↑ Pretoria Girls High School’s Discriminatory Hair Policy Sparks Protests | Teen Vogue
- ↑ Zulaikha Patel led a Pretoria Girls High protest against the school's hair policy. The protest led to an inquiry into allegations of racism. She talks to... | By eNCAnews | Facebook
- ↑ Fighting the system: Zulaikha Patel and her fight against systemic racism - Girl Museum
- ↑ Students protest school’s alledged racist hair policy | CNN
- ↑ https://www.theherald.co.za/news/2016-08-31-school-forced-to-step-down-over-hair-rules/
- ↑ What's your school's policy on hair? | News24
- ↑ Hair discrimination and cultural bias in South Africa’s education sector
- ↑ Bouyat2023.pdf
- ↑ https://www.cnn.com/2016/08/31/africa/south-africa-school-racism/index.html
- ↑ Black PHSG pupils victims of racism - Panyaza Lesufi - POLITICS | Politicsweb
- ↑ School hair policy was wrong says MEC | SAnews
- 1 2 Hair attacks part of racism, say officials
- ↑ In South Africa, Black Hair Matters - American Renaissance
- ↑ S Africa: Black students protest ‘racist’ hair rules | Racism News | Al Jazeera
- ↑ https://www.bbc.com/news/world-38012048