Molao wa Tokoloho

Freedom Charter e ne e le polelo ya molaotheo ya pele ya South African Congress Alliance, e neng e entswe keAfrican National Congress (ANC) le balekane ba yona: Congress ya Maindia a Afrika Borwa, Congress ya Demokerase ya Afrika Borwa le Congress
E tswa ka kopo ya yona ya pele, "Batho ba Tla Busa!"
Histori
[fetola | fetola mohloli]Ka morao ho dilemo tse ka bang leshome tsa khanyetso ya puso ya merabe e menyenyane e tshweu ka mekgahlelo e mengata, le ka morao hore Letsholo la Defiance la 1952, mosebetsi wa ho theha Selekane sa Tokoloho e ne e le karabo ho mmuso o ntseng o hatella kapa wa kgatello ka ho eketsehileng o neng o ikemiseditse ho fedisa kganyetso e kantle ho palamente. Ka 1955, ANC e ile ya romela baithaopi ba ka bang 50 000 metseng le dibakeng tsa mahaeng ho ya bokella "ditlhoko tsa tokoloho" ho tswa ho batho ba Afrika Borwa ka bophara. Template:Citation needed[Tlhaloso e hlokehang]Sistimi ena e ne e qapilwe ebile e etseditswe ho fa Ma-Afrika Borwa ditokelo tse lekanang. Ditlhokahalo tse kang "Naha e fuwe batho bohle ba se nang yona", "Meholo ya ho phela le di hora tse khutshwanyane tsa mosebetsi", "Thuto kapa tsebo ya mahala le e qobellwang, ho sa tsoteletseheng nmala, morabe kapa botjhaba" di ile
Se ngolwa sena se ile sa amohela semmuso ka Sontaha sa la 26 Phuptjane 1955 Kopano ya Batho ba ka bang 3,000, e tsejwang e le "Congress of the People" e Kliptown, Soweto. [1] Seboka seo se ile sa kgaolwa ke mapolesa ka letsatsi la bobedi, le hoja ka nako eo Molao o ne o se o badilwe ka ho feletseng. Bongata bo ne bo hweleditse, e le tumello ya bona karolong ka nngwe ka mehoo ya "Africa!" le "Mayibuye!"[2] Nelson Mandela o ile a baleha mapolesa ka ho iphetola moshemane ya rekisang lebese, kaha mekgatlo le dikamano tsa hae di ne di thibetswe ke ho thibela ditaelo ka nako eo.
Tokomane ena e ne e bolela ho robeha ho hoholo le ditlaleho tsa kgale tsa ntwa, ena e ne se e se mokgatlo wa ditokelo tsa setjhaba o batlang ho amohelwa mekgweng e teng ya setjhaba le ka hare ho sona, empa o ile a kopa phetolo ya mantlha ya dikarolo tsohle tsa setjhaba sa Afrika Borwa. Tokomane ena e tumme le ho tsebahala ka ho batla le ho itlama bakeng sa Afrika Borwa e se nang merabe, mne ena e ntse e le sethala sa mokgatlo wa ANC. Ka lebaka leo, ditho tsa mokgatlo wa ANC tse neng di ena le maikutlo a tshehetsang Afrika ka bophara di ile tsa tloha mokgatlong wa ANC ka morao hore e amohele tumellano ena, e theha Pan Africanist Congress.