Jump to content

Mooratsatsi

E tswa ho Wikipedia

Mooratsatsi ke semela se se telele, se nang le palesa e kgolo, e tshehla, e tshwanang le letsatsi. Mooratsatsi ke lebitso le tswang ho “morati wa letsatsi, e tjena hobane mooratsatsi o latela letsatsi ho tloha hoseng ho fihlela mantsibuya, ha letsatsi le dikela." [1]

Mooratsatsi ona le ditshebediso tse ngata, jwalo ka peo ya teng e a jeha, hape e kgona ho sebediswa ho etsa oli. Ka setso, mooratsatsi o emela kganya, ho thaba, mofuthu le tshepo.[2]

Barati ba Mooratsatsi

[fetola | fetola mohloli]

Mooratsatsi ke palesa e ratehang haholo, moetsi wa ditshwantsho a bitswang Van Gogh, o la etsa ditshwantsho tsa mesebetsi e mmedi ya mooratsatsi. Setshwantsho sa pele.[3] Ke mooratsatsi e mmedi e paqamisitsweng fatshe. Sa bobedi ke ya moo Van Gogh a entseng ditshwantsho tse supa tsa mooratsatsi ka hara sehlare sa pitsa ka mmala o motle o mosehla.

Tshebediso ya Temo

[fetola | fetola mohloli]

Mooratsatsi o na le ditshebediso tse ngata jwalo ka ho etsa oli.[4] Mooratsatsi ke palesa e matla hobane e kgona ho phela maemong a boima. Oli ya mooratsatsi e sebediswa ka hara sesepa, peo ya teng e kgona ho jewa e omelletse kapa e sitswe hore ebe jwalo ka botoro ya mafura kapa ya letokomane.

Nakong ya sejwalejwale, oli ya mooratsatsi e sebediswa dinthong tsa botle tsa sefahleho. Oli ya teng e matla a ho tshirelletsa sefahleho maemong a kotsi a naha hape e lwantsha ho tsofala ho lepotlapotla la sefahleho.[5] Mooratsatsi e molemo haholo bophelong ka tsela tse fapaneng.

  1. https://www.ucdavis.edu/curiosity/news/how-sunflowers-see-sun
  2. https://www.thecollector.com/sunflowers-van-gogh/
  3. https://www.vangoghmuseum.nl/en/collection/s0031v1962
  4. https://www.britannica.com/plant/sunflower-plant
  5. https://www.hbnobulk.com/blogs/natural-essential-oils/organic-sunflower-oil-versatile-beauty-from-nature?srsltid=AfmBOorad09-tuWSdjGBpRtZkF0Ht_OfEcd3HF6VwBktUFfHyg7YSvvg