Moshoeshoe II oa Lesotho

E tswa ho Wikipedia
Moshoeshoe II oa Lesotho

Moshoeshoe II (2 Mphalane 1938 – 15 Pherekhong 1996), eo pele a neng a tsejoa ka lebitso la Constantine Bereng Seeiso, e ne e le Morena oa Sehlooho oa Basutoland, a hlahlama morena Seeiso ho tloha ka 1960 ho fihlela naha e fumana boipuso bo felletseng ho tsoa ho Borithane ka 1966. E bile Morena oa Lesotho ho tloha ka 1966 ho fihlela botlamuoeng ba hae ka 1990, le ho tloha ka 1995 ho fihlela lefung la hae ka 1996.

Bophelo ba bonyaneng[fetola | fetola mohloli]

Moshoeshoe o hlahile ka lebitso la Constantine Bereng Seeiso ebile e le setloholo sa mothehi oa sechaba, Moshoeshoe, ke hona moo a ileng a fumana lebitso la borena teng. Seeiso e monyenyane o ile a rutoa Kolecheng ea Roma Lesotho, eaba (ho bonahala a baleha menyenyetsi ea hore ntat’ae oa bobeli o rerile ho mo chefolla) o ile a romeloa Engelane, pele Ampleforth College ’me hamorao a romeloa Corpus Christi College, Oxford. Ha a le moo, o ile a phela bophelo ba monna e mong ea hlomphehang oa naha ea Manyesemane, ho akarelletsa ho tsoma, ho thunya le ho tšoasa litlhapi.