Motjha lekaleng la tsa phetoho ya boemo ba lehodimo,Otsile Nkadimeng.
Otsile Nkadimeng ya hlahileng ka selemo sa selemo sa 2005, ke e mong wa batjha eo e leng moitseki wa phetoho ya maemo a lehodimo, Afrika Borwa.[1] Ka selemo sa Mmesa, 2023 moithuti ona wa Jeppe Boys, o ile a nka karolo tlhodisanong ya dipuisano tsa Matjhaba a Kopaneng (United Nations), khonferenseng ya tlhokomelo le tshebediso ya metsi moo a neng a emetse naha ya Turkey. [2] Nkadimeng eo e ne e le mokapoteni, o ile a hlohlela sehlopha sa hae tlhodisanong eo, ka mora ho beha mabaka a itlhommeng pele ka hara tlhokomelo le paballo ya metsi le boemo ba lefatsheng le ka hara naha, hoo ho ile ha tjhesa tlhase ya hae ya ho ba moitseki wa boemo ba lehodimo a ntse a le motjha dilemong, Afrika Borwa.
Nkadimeng ha a ene e le moithuti wa sekolo se phahameng sa bashemane Jeppe, o ile a hlwauwa ele moetapele wa ho etella pele lenaneo la "Fridays for Future South Africa", e leng lenaneo le shebaneng le phetoho ya boemo ba lehodimo. Ho itahlela ha Nkadimeng ka hara boitseko ba phetoho ya boemo ba lehodimo bo tlile ka selemo sa 2019, ka mora puo e ile ya etswa ke Greta Thunberg e leng yona e ileng ya susumelletsa hore a nke karolo e le moitseki wa phetoho ya boemo ba lehodimo. [3] [4] Ho fetisa moo hape ke mothehi-mmoho wa "Sundial Movement,a Climate Network" e kopanyang baithuti ba dikolo tse phahameng ebile e ba thahasella ho nka karolo boitekong bo kopantsweng ditabeng tsa phetoho ya boemo ba lehodimo le tlamaete. [5][6]
Ho feta-feta moo, ke sengodi se phatlaladitsweng, sengodi sa maano, mofetudi ya leka-lekanyang karolo ya hae e le moithuti wa selemo sa bobedi yunivesithi, ka boitlamo le tjhebelo pele e tebileng ba ho matlafatsa batjha. O ile a kgethwa ke News24 bakeng sa tshusumetso ya hae mme a fuwa kgau ya batjha ba Nelson Mandela ka selemo sa 2023, mme o ntse a theha dipuisano mabapi le demokerasi, puso le botsitso.[6] O ananela diphephetso tseo balwanedi ba ba batjha ba tobaneng le tsona, ho kenyeletswa maikutlo a ho tshwenyeha ka maemo a phetohang a lehodimo le ho tsamaya butle ha maano a phetoho ya boemo ba lehodimo ho kenywa tshebetsong.[7] Le ha hole jwalo o na le kgopolo ya hore ho kenya letsoho ha batjha ba Afrika Borwa ho le bohlokwa ho theha mananeo a phetoho ya maemo a lehodimo, hape ha a tswela pele o hatella le taba ya hore tshebedisano mmoho le tshehetso ya setjhaba ha ra batjha di ka etsa phetoho e kgolo.[7] [8]
Boemedi ba hae bo fetela ka nqane o meedi, o tswela pele ho sebetsa e le Moeletsi wa Batjha ho Embasi ya Sweden e Pitoria mme mosebeletsi wa International Youth Think Tank, moo a kenyang letsoho dipuisanong tsa maano a batjha lefatsheng ka bophara.[9] Ka tjhantjello ya ho tshwarella, o thehile le ho etella pele merero e mengata e reretsweng tswelo-pelo ya tikolo le setjhaba ho pota-pota le Afrika Borwa. Ho sa tsotellehe hore na ke dipuisanong tsa setjhaba , dipuisano tsa matjhaba, kapa tshebetsong e fatshe hara batho, Nkadimeng o ka pele ho phetoho e etelletsweng pele ke batjha, ho paka hore mantswe a batjha ha se karolo ya moqoqo feela empa ke bona ba betlang ditsela ketellong ya setjhaba. [9]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ Climate change activist empowering SA youth to find voice
- ↑ Jeppe Debating – Otsile Nkadimeng – Jeppe High School for Boys
- ↑ Transcript: Greta Thunberg's Speech At The U.N. Climate Action Summit : NPR
- ↑ https://www.bing.com/search?pglt=297&q=Greta+Thunberg’s+impactful+speeches.&cvid=46e82a70bb704730a59fdf2699a0a268&gs_lcrp=EgRlZGdlKgYIABBFGDkyBggAEEUYOTIGCAEQABhAMgYIAhAAGEAyBggDEAAYQDIGCAQQABhAMgYIBRAAGEAyBggGEAAYQDIGCAcQABhAMgYICBAAGEDSAQgyMzk5ajBqMagCCLACAQ&FORM=ANNTA1&PC=DCTS
- ↑ Young activism steps up to slay climate change, social injustice lethargy
- 1 2 100 Young Mandelas 2023: Otsile Nkadimeng, Climate Literacy and Sustainability | News24
- 1 2 Bing Videos
- ↑ The Unfinished Job: Building the Republic of South Africa
- 1 2 Born Free: From Washington to Sandton. The politics of a diplomatic fallout. – Podcast episode one. – The Mail & Guardian