Jump to content

Nandi (mme wa Shaka)

E tswa ho Wikipedia

 

Nandi kaBhebhe (c. 1760 – October 10, 1827) e ne e le moradi wa Bhebhe kaLanga, morena wa mehleng ya Mhlongo wa Elangeni le mme wa Shaka kaSenzangakhona, Morena wa Mazulu.[1]

Mofumahali Nandi kaBhebhe o hlahile Melmoth ka 1760. Ntate wa hae e ne e le morena wa setjhaba sa haMhlongo sa Elangeni.

Bophelo ba hae

[fetola | fetola mohloli]

Nandi kaBhebhe o ile a ima a sa nyaloa ke mora wa Jama kaNdaba, e leng Senzangakhona. Batho ba leloko la ha Mhlongo ba ile ba batla hore Senzangakhona a lefelle ketso ea hae e neng e sa latele meetlo. Bhebhe kaLanga o ile a ya ho Jama kaNdaba ho ya rarolla taba ena. Nandi o ne a le ka pele tabeng ena le dipuisanong tsena. Ka boeena o ile a batla likhomo tse 55 e le tefo ya lobola le matshediso. Jama kaNdaba o ile a dumela ho lefa seo se neng se batlwa ke Bhebhe kaLanga e le ho qoba ntwa. Senzangakhona le Nandi ba ile ba boela ba ba le moradi ya ileng a latela Shaka, e leng Nomcuba. Kamora hore kamano ya hae le Senzangakhona e senyehe, o ile a qobellwa ho tloha motseng oo. Nandi o ile a kgutlela ho batho ba habo, ba leloko la ha Mhlongo ba Elangeni, a siya Shaka moo. Bophelo ba Shaka motseng wa Senzangakhona bo ile ba ba kotsi, mme qetellong malome wa hae Mudli a mo tlisa le kgaitseli ya hae ho Nandi kwa Elangeni. Nakong eo, Nandi o ile a tlameha ho sireletsa bana ba hae tlala le diketso tsa ho leka ho ba bolaya. Leha ho le jwalo, ho dula ha Nandi kwa Elangeni le hona ho ile ha ba kotsi, kahoo a tloha le bana ba hae ho ya dula hara batho ba ha Khondlo (Qwabe). Moo, o ile a kopana le Gendeyana, eo a ileng a mo nyala mme ba ba le mora, Ngwadi. Ho dula ha Nandi hara batho ba ha Qwabe ho ne ho sa thabise, e leng se ileng sa mo qobella ho tloha moo ho ya dula hara batho ba ha Mthethwa ba neng ba buswa ke morena Dingiswayo ka Mohlatsane. Nandi o ile a amohelwa ka mofuthu ke batho ba ha Mthethwa. O ile a fumana e le sebaka se setle sa ho hodisa bana ba hae Shaka, Nomcuba le Ngwadi. Mora wa hae Shaka o ile a kena sehlopheng sa sesole (ibutho) se neng se etelletswe pele ke Bhuza. E ne e le hara batho ba ha Mthethwa moo Shaka a ileng a qapa maqheka a hae a sesole.

Mofumahali Nandi kaBhebhe o hlokahetse ka lebaka la lefu la letšollo la mali (dysentery) ka la 10 Mphalane seleomng sa 1827. Lebitla la hae le fumaneha kantle ho Eshowe, haufi le tsela ya kgale e yang Empangeni. Lebitla le tshwailwe ka lebitso la Nandi. Ka la 11 Hlakubele 2011, Komiti ya ba-Mhlongo e ile ya kopana Eshowe le Ofisi ya Tonakgolo ya KZN (KwaZulu-Natala) hammoho le mokhatlo oa Amafa ho phethela merero ya lebitla la Kgosatsana Nandi haufi le Eshowe. Ho ile ha dumellanwa hore ho tla ba le letsatsi la semmuso la ho bula lebitla ka Motssheanong 2011, kamora hore ho amohelwe meralo e sisintsweng ke ba leloko la Mhlongo. Mofumahadi Nandi kaBhebhe o ne a tswa lelokong la ba-Mhlongo, ka hona ho ile ha dumellanwa hore lebitso le tla ngolwa lebitleng e be "Khosatsana Nandi Mhlongo, Mma Morena Shaka". Ditloholo tsa Mma Morena Shaka, e leng Nandi, di bontšitse ho se kgotsofale ha tsona ka boemo ba lebitla la hae le neng le sa hlokomelwa ka dilemo tse fetang 200. Lelapa la borena la Mazulu le beha mmuso molato tabeng ena hobane, ho ya ka bona, mabitla a batho ba tummeng ke boikarabelo ba mmuso. Mokgatlo wa Amafa Heritage, o okametseng dibaka le meaho e sireleditsweng profinseng, o tla haha ​​setshwantsho se emelang boemo ba Nandi hang ha ba leloko la Mhlongo le lelapa la borena ba se ba rarollotse diphapang tsa bona.

[2]Ho sa tsotellehe mathata ao ba ileng ba a mamella hammoho, kapa mohlomong ka lebaka la ’ona, Shaka o ne a rata ’m’ae hoo a neng a batla a mo rapela.[1]

Ho latela Donald Morris, Shaka o ile a laela hore ho se ke ha lengwa dijalo nakong ya selemo se latelang sa maswabi, hore ho se ke ha sebediswa lebese (e leng motheo wa dijo tsa MaZulu ka nako eo), le hore mosadi ofe kapa ofe ya emeng ka mpa a bolawe hammoho le monna wa hae. Batho ba ka bang 7,000 ba ileng ba nkwa ba sa bontshe maswabi a lekaneng ba ile ba bolaoa, leha ho le joalo polao eo e ne e sa felle feela ho batho: dikgomo le tsona di ile tsa bolawa e le hore manamane a tsona a tsebe hore na ho ikutlwa jwang ha motho a lahleheloa ke mmae.

Se boletsweng ke Morris se tswa mohopolong wa Henry Francis Fynn. Tlaleho ya Fynn e ile ya belaellwa, ha mehloli e meng e bolela hore ditaba tsa hae di ne di feteletswe kaha mohlomong o ne a e-na le merero e patilweng.Ditlaleho tsa pele tsa Fynn ka dinako tse ding di ne di sa nepahala ebile di feteletsoe, e leng se ileng sa ba le karolo ya bohlokwa kgolong ya ditshomo tsa Mazulu. Baahi ba bangata ba pele ba basoeu ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola, ha e se ba seng bakae ba neng ba laola ditlaleho tse ngotsweng. Bangodi bana ba ile ba qosoa ka ho hlahisa Shaka e le motho ea se nang botho, e le letshwao la pefo le tshabo, e le hore ba ka pata merero ea bona ea bokolone.[3] [4][5]Julian Cobbing le eena o pheha kgang ya hore bangoli bana ba bokolone ba ne ba labalabela ho theha tšōmo e neng e tla "pata" diketso tsa bokolone tsa lekgolong la bo-19 tsa dilemo tse kang ho hapa makhoba, ho betoa ha batho ho pholletsa le karolo e ka boroa ea Afrika, le ho lokafatsa ho haptjoa ha mobu.[6]

Ditlhaloso

[fetola | fetola mohloli]
  1. 1 2 https://www.ajol.info/index.php/ijhss/article/view/105742
  2. ↑ http://www.associatepublisher.com/e/n/na/nandi_(mother_of_shaka).htm
  3. ↑ Ian Knight (2011), Zulu Rising: The Epic Story of iSandlwana and Rorke's Drift
  4. ↑ Carolyn Anne Hamilton, (1992) The Character and Objects of Chaka': A Reconsideration of the Making of Shaka as 'Mfecane' Motor, The Journal of African History, Vol. 33, No. 1, pp. 37-63.
  5. ↑ Manfred F. R. Kets de Vries (2005), Lessons on Leadership by Terror: Finding Shaka Zulu in the Attic
  6. ↑ Julian Cobbing. "The Mfecane as Alibi: Thoughts on Dithakong and Mbolompo". Journal of African History, 29, 1988.