Jump to content

Nhlanhla Mkhwanazi

E tswa ho Wikipedia

Lieutenant General Nhlanhla Lucky Mkhwanazi ke ofisiri ya molao ya Afrika Borwa ya sebeletsang Porofense ya KwaZulu-Natal ya Afrika Borwa e le Mokomishinara wa Sepolesa wa Porofense. Mkhwanazi o hlahile ka la 5 Hlakola, 1973, KwaZulu-Natal, Afrika Borwa.

Mokhomishenara wa mehleng wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) bakeng sa Litshebeletso tse Ikgethileng tsa Karabelo ya Tshebetso, Hlooho ea mehleng le Molaodi wa lekala la maqheka a phahameng a Sepolesa sa Afrika Borwa, Lebotho le Kgethehileng la Tshebetso (STF) le neng le tsejwa ka hore ke "Taakies" ya kileng a tshwaneleha bakeng sa tshebetso e tsebahalang ya lefatshe ya kgetho le kwetliso ka sekgahla se phahameng sa ho fokotswa ho feta 85%. O sebeditse sehlopheng sa batho ba phahameng setjhabeng e le mokganni wa sehlopha se kgethehileng sa mapolesa. Jwalo ka mootho e mong wa setjhaba ya tsebahalang ka mesebetsi ya hae ya boetapele Tshebeletsong ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS), Mkhwananzi o ile a fumana tlhompho ya naha ka ho sebetsa e le Mokomishenara wa Naha wa Lepolesa ya Tshwarelo. [1]

Mosebetsi

[fetola | fetola mohloli]

Mkhwanazi o tshwere maemo a mmalwa a bohlokwa ka hara Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS). Habohlokwa, o sebeditse jwalo ka Mokhomishenara wa Naha wa SAPS nakong ya bohlokowa, a sebetsana le diqholotso tsa tshireletso ya naha le ho kenya tshebetsong liphetoho tsa molao. Boetapele ba hae bo kgethollwa ka mehato e matla khahlanong le botlokotsebe bo hlophisitsoeng le bobodu. [2]

Mo hodimo ha mesebetsi ya hae setjhabeng, Mkhwanazi o nnile aba le seabo se seholo mo ntlafatsong ya molao ya porofense KwaZulu-Natal, a tobile thibello ya bosenyi le ho tokafatsa paballo ya baahi. O buile a sa hlathe kwana le kwana mabapi le diqholotso tsa ho laola bojaki bo seng molaong le phello ya bona botlokotsebeng tikolohong eo.

Ka Phupu 2025, Mkhwananzi o ile a etsa diqoso tse nyatsehang kgahlano le diofisiri tse phahameng tsa sepolesa le bo-ralipolotiki, ho kenyeletswa Letona la Sepolesa, Senzo Mchunu, le ditho tsa makgotla, moo a ileng a ba qosa ka ho thusa dihlopha tsa botlokotsebe, ho kenella dipatlisisong le ho sitisa toka. Diqosong tsa hae Mkhwanazi o entse mohlala ka polao ya Dj Sumbody eo ho seng ho tshwere babelaellwa. [3] Mchunu o ntshitse polelo e hanelang diqoso ka hore ha di na motheo, ha Moporesidente Cyril Ramaphosa a tshepisitse ho shebisisa taba ena.

Madlanga Commission

[fetola | fetola mohloli]

Ka Lwetse 2025 Mkhwananzi o ile a hlahella ka pele hpo komishene ya Justice Madlanga ho fana ka bopaki ka mora ho etsa ditlaleho tsa hore sepolesa le ketapele ba na le tshusumetso le karolo dipolaong tsa batho ba mmalwa ba tsebahalang haholo naheng ena.[4]

Bona hape

[fetola | fetola mohloli]

Ditshupiso

[fetola | fetola mohloli]
  1. Teke, Zohra. "EXCLUSIVE: KZN Police boss Nhlanhla Mkhwanazi taking the fight to the criminals sees him emerge as contender for top cop job". www.iol.co.za. Retrieved 2024-12-01.
  2. Ncwane, Nokwanda (2024-03-05). "Good cop, bad cop: The rise of Nhlanhla Mkhwanazi in the SAPS". The South African. Retrieved 2024-12-01.
  3. https://www.sabcnews.com/sabcnews/mkhwanazi-implicates-politicians-police-in-corruption-crime/
  4. https://iol.co.za/news/politics/2025-09-16-madlanga-commission-sas-biggest-corruption-inquiry-kicks-off-this-week-heres-what-we-know/