Nkosana Makate
Nkosana Makate o bontshitse moya wa ntwa ka ho dula a ikemiseditse ho bokella meputso eo a lokelang ho e fumana bakeng sa tlhahiso ya hae ya PCM. Ka lekgetlo la pele la 'Please Call Me' ka 2001, Vodacom e tlalewa e entse tjhelete e fetang R200 milione (e ka bang $10.6 bilione)
Bophelo ba pele
[fetola | fetola mohloli]Nkosana o hlahile ka selemo sa 1976 sepetleleng sa Natalspruit, empa letsatsi la hae la tswalo ha le tsejwe hantle. Ho tloha ka 2025, Makate o dilemo tse ka bang 48. Nkgono le ntate-moholowa hae o ile a mo hodisetsa East Rand, Katlehong, Ekurhuleni, ha mmae a kena thupelong ya ho ba titjhere.
Thuto le mangolo a thuto
[fetola | fetola mohloli]Nkosana Makate o ile a phethela sehlopha sa materiki ka 1994 ka mora ho kena Sekolong se Phahameng sa Alapang le ho fetela koletjheng e Springs, moo a ileng a qeta Kereiti ya 11. O ile a tswela pele ka thuto ya hae yunivesithing e sa bolelwang ka lebitso, moo a ileng a fumana lengolo la Bachelor of Commerce ka boemo bo phahameng.
Tsa mosebetsi
[fetola | fetola mohloli]Nkosana Makate Moqapi wa PCM etsabahalang ka 'Please Call Me' o qadile mosebetsi wa hae wa porofeshenale wa accounting le Vodacom. Ka Hlakola 1995, o ile a kenya letsoho lenaneong la dikarabello la seqhenqha sa telecom. Ka 2003, o ile a tloha ho ba Mookamedi wa ditjhelete wa Nedbank.
Please Call Me' e entswe neng
Makate o ntlafaditse mohopolo ona ka Pudungwana 2000 mme Vodacom e ile ya qala tshebeletso ka Hlakola 2001. Ba sebedisi ba Vodacom ba ka romella mosebedisi e mong molaetsa wa "Please Call Me", ho motho e mong a ka o letsetsang ho marang-rang afe kapa afe.[1]
Nkosana Makate o qapile eng
Rakgwebo enwa wa Afrika Borwa o ile a qapa "Please Call Me" le "Call Back." Leha ho le jwalo, matshwenyeho le qaka tsa hae mabapi le ditlhapiso tsa hae bakeng sa mehopolo ya hae a e qapileng, o ile a phahamisetsa taba ena lekgotleng la dinyewe, Afrika Borwa. Ho na ele boiteko ba ho lwanela seo a dumelang hore se a mo tshwanela mme, a bona e le tsela e phehellang ho mo nyatsa hammoho le moqapi ba hae.[2]
Ntwa ya molao
[fetola | fetola mohloli]Makate o ile a isa Vodacom kgotla ka lebaka la ditlhapiso bakeng sa ho qapa mohopolo wa 'Please Call Me'. Kgang ya nako e telele ya molao e nkile dilemo tse fetang mashome a mabedi. Qeto ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa ka 2014 le ile la amohela qeto ya lekgotla lena, empa Makate o ile a hlahlaleha kopo ho etsa boipelaetso kgahlano le qeto ya lekgotla leo.[3] Lekgotla la Molao wa Motheo le ile la tiisa hamorao ka 2016 hore Nkosana o ile a tla ka maikutlo a PCM.[4][5]
Ka Hlakola 2024, Lekgotla le ka Hodimo-dimo la Boipiletso la Afrika Borwa (SCA) le ile la laela khamphani ya Vodacom ho lefa Makate tefello ya ditlhapiso e pakeng tsa R29 milione ($1.5 bilione) le R55 milione ($2.8 bilione). Ho ya ka Forbes, Vodacom e fane tjhelete ya ditlhapiso ekang R47 million ($2.4 million) empa Makate a e hana, a batla ho eketsehileng.[6][7][8]
Ka la 05 Pudungwana 2025 ,Makate le Vodacom ba fihlelletse tummellano ka ntle ho lekgotla la dinyewe.[9][10]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://patonbrands.com/timeline-of-the-vodacom-please-call-me-inventor-saga/
- ↑ https://collections.concourt.org.za/handle/20.500.12144/38512
- ↑ https://www.saflii.org/za/cases/ZAGPJHC/2014/135.html
- ↑ https://www.africanlawbusiness.com/news/20185-vodacom-loses-sa-ip-case/
- ↑ https://techcentral.co.za/who-really-invented-please-call-me/178173/
- ↑ https://mybroadband.co.za/news/business-telecoms/294240-vodacom-offered-makate-r49-million-and-he-said-no.html
- ↑ https://vodacom.com/pdf/sens/2024/sens-please-call-me-matter-2024.pdf
- ↑ https://stbb.co.za/newsflash-the-vodacom-please-call-me-saga-massive-payout-beckons-for-former-employee-after-sca-ruling/
- ↑ https://mybroadband.co.za/news/business-telecoms/617181-here-is-how-much-vodacom-likely-paid-please-call-mes-kenneth-makate.html
- ↑ https://www.sundaytimes.timeslive.co.za/news/2025-11-06-i-am-relieved-this-is-over-nkosana-makate-after-signing-deal-with-vodacom/