Jump to content

Ntwa ya Bloodrivierpoort

E tswa ho Wikipedia

Ntwa ya Bloedrivierpoort e etsahetse ka la 17 Lwetse 1901 Bloedrivierpoort ka bophirimela ho motse waVryheid, KwaZulu-Natal nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Boipuso . Sesole sa Maburu sa banna ba fetang sekete ka tlasa taolo ya Gen. Louis Botha se ile sa lwana le lebotho la Brithane la banna ba 1200 tlasa taolo ya Mokolonele Gough.

Molaodi wa Maburu, Mogenerale Louis Botha

Mogenerale Louis Botha o ile a tshela moedi ho tloha Eastern Transvaal ho ya KwaZulu-Natal ho isa ntwa profinseng qalong ya Loetse. Ka la 17 Loetse lebotho la hae le ile la bonwa ke Mabrithani mme ba itokisetsa ho hlasela. Leha ho le jwalo, Botha o ne a tseba ka merero ya bona mme a qala tlhaselo ya ntwa. O ile a tshwara Mabrithani ka ho feletseng mme kapele ba phahamisa folakga e tshweu ya kgotso le ho inehela. Botha o ile a hapa masole a Brithani a 250 mme ho bile le ba 40 ba Brithani ba shweleng le ba lemetseng. O ile a boela a hapa dibetsa tsohle tsa bona le dithunya hammoho le dithunya tse pedi tsa dikanono. Ka lehlakoreng la Maburu, ho ile ha bolawa motho a le mong feela mme ba bararo ba lemala.

Bona hape

[fetola | fetola mohloli]
  • Dikgiohlano tsa Ntwa ya Bobedi ya Boipuso