Jump to content

Ntwa ya Dwarsvlei

E tswa ho Wikipedia

Ntwa ya Dwarsvlei e etsahetse ka la 11 Phupu 1900 seterekeng sa Krugersdorp . Mabotho a Maburu tlasa taolo ya Mojenerale Sarel Oosthuizen (ya tsejwang e le Red Bull wa Krugersdorp) a ile a hlasela Manyesemane polasing ya Oosthuizen. Mabotho a Maburu a ne a le matla a ka bang 150 mme a hlometse ka mefuta e fapaneng ea lithunya tse kang Mausers, Lee-Metfords, Martini-Henry's esita le Guedesse. Mokoloko oa Manyesemane o ne o e-na le masole a ka bang 2 000 tlasa Smith-Dorrien.

Mabotho a Maburu, ho sa tsotellehe palo ya bona, a ile a fana ka kganyetso e matla. Ntwa e ile ea nka letsatsi lohle mme ha shwalane e tshwara Oosthuizen, ka baahi ba seng bakae feela, a etsa qeto ea ho leka ho hapa likanono tsa Manyesemane. Mokgahlelong ona oa ho qetela wa ntwa, Oosthuizen o ile a tswa dikotsi tse mpe.

Manyesemane a ile a ikgula lebaleng la ntwa mme sena se bonwa e le tlhōlo ya Maburu, empa tefo e lefiloeng bakeng sa sena e ne e le boima kaha Oosthuizen e ne e le e mong oa balaodi ba bohlale ba Maburu mme a hlokahala kgwedi feela hamorao ka lebaka la maqeba ao a a fumaneng Dwarsvlei. Mabotho a Maburu le ona a ne a fokola haholo hore a ka sitisa ho ikhula ha Manyesemane.

Ketso ea Dwarsvlei e ne e le karolo ea leano la Mojenerale De la Rey mme e ne e tsamaellana le lintoa tsa Silkaatsnek le Onderstepoort letsatsing lona leo. Liketso tsa Mojenerale Oosthuizen di ile tsa boela tsa thibela Manyesemane ho hlorisa Mojenerale De la Rey ka dithuso ha a ntse a phathahane ka ho hlasela Manyesemane Silkaatsnek.

Molaodi wa Brithani Horace Lockwood Smith-Dorrien (1858-1930).
Mogeneraln waMaburu Sarel Francois Oosthuizen (1862-1900)
  • Dintwa tsa Ntwa ya Bobedi ya Boipuso

Ho bala ho eketsehileng

[fetola | fetola mohloli]
  •   Biografie. 46 bladsye.
  •   522 bladsye.