Jump to content

Ntwa ya Vaalkrans

E tswa ho Wikipedia

Ntwa ya Vaalkrans e qadile ka la 5 Hlakola 1900 nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Boipuso . E ile ya fela ka la 7 Hlakola 1900 ka tlholo ya Maburu .

Kamora Ntoa ea Spioenkop, Molaodi wa Maborithane Redvers Buller o ile a isa mabotho a hae ho ya Vaalkrans pakeng tsa Colenso le Spioenkop . Mona ba ile ba leka hape ho tshela Noka ya Tugela ho ya fihla Ladysmith .

Leha ho le jwalo, ka la 7 Hlakola, Mogenerale Louis Botha o ile a ba emisa tseleng. Ha Mabrithani a hlokomela hore a ke ke a phunyeletsa meeding ya Maburu habonolo, a ile a emisa ho thunya mme a kgutlela ka nqane ho Tugela.

Pokello ya ditshwantsho

[fetola | fetola mohloli]

Sefika sa ho hlompha ba weleng se ile sa emiswa serapeng se senyenyane sa sehopotso botlaaseng ba lebala la ntwa la Vaalkrans.

Bona hape

[fetola | fetola mohloli]
  • Dintwa tsa Ntwa ya Bobedi ya Boipuso