Jump to content

Patricia de Lille o busa a satswa busa

E tswa ho Wikipedia

 

Patricia de Lille (née Lindt; ya tswetsweng ka la 17 Hlakola 1951) ke radipolotiki wa Aforika Borwa eo eseng e le Letona la Bohahlaudi le moetapele wa mokga wa dipolotiki wa Good. O sebeditse ele Letona la Mesebetsi ya Setjhaaba le mekgwa ya metheo ho tloha ka 2019 ho isa ka 2023.

PATRICIA dE LILLE


O ne a kile ya ba ramotse wa Cape Town ho tloha ka 2011 ho ya ho 2018 mme pele ho moo, one a ila yaba Letona la Ntlafatso ya Sechaba la Porofinseng ya Western Cape ho tloha ka 2010 ho isa ho 2011. O thehile le ho etella pele Independent Democrats (ID), mokga wa dipolotiki oo a o thehileng ka 2003 nakong eo mang kapa mang eo eleng radipolotiki a dumellwetseng hoya mokgeng ofe kapa ofe ntle le holahlehelwa ke boemo ba hae, kamora hore a arohane le Pan Africanist Congress (PAC). Ka Phato 2010, ID e ile ya kopana le Democratic Alliance, mekga ya kganyetso ya semmuso ya Afrika Borwa, mme mokga o ile wa qhalana semmuso ka 2014. Ho tloha ka 2015 ho isa 2017, e ne e le Moetapele wa Profinse wa Democratic Alliance Western Cape.

De Lille o ile a kgethwa e le mokgethwa wa ramotse wa DA Cape Town, a hlola Dan Plato ya seng a le teng, pele ho dikgetho tsa mmuso wa lehae tsa 2011, moo a ileng a kgethwa ele ramotse. O ile a boela a kgethwa bakeng sa nako ya bobedi e le ramotse dikgethong tsa mmuso oa lehae tsa 2016. [1][2]

De Lille o ile a kgethwa sebakeng sa bo 22 ho ma Aforika borwa a 100 a hlahelletseng ka hodimo, mme o tsejwa ka karolo ya hae dipatlisisong tsa Tumellano ya dibetsa ya naha.[3]

Template:Authority control

  1. 2011 election: Cape Town results | Politicsweb
  2. Dan Plato Biography: Age, Wife, Early Life & Career - Wiki South Africa
  3. Original arms deal whistleblower testifies - Corruption Watch