Jump to content

Philip Kgosana

E tswa ho Wikipedia

Philip Ata Kgosana (O hlahetse Makapanstad hona jwale, Leboya-Bophirima, Afrika Borwa ka la 12 Mphalane selemo sa 1936 - la 19 Mmesa 2017) [1] e ne e le moetapele wa Pan Africanist Congress Afrika Borwa . O tsebahala ka ho etella pele boipelaetso ha a le dilemo di 23 ka la 30 Hlakubele selemong sa 1960, moo baipelaetsi ba 30,000 ba neng ba hanyetsa melao ya dipasa tsa naha ba ileng ba tsamaya ho tloha Langa ho ya Motse Kapa, e leng e nngwe ya dipontsho tse kgolo ka ho fetisisa kgahlanong le kgethollo ya morabe tse ileng tsa etsahala Cape Town. [2] [3]

Kgosana o hlokahetse ka lebaka la kankere ka la 19 Mmesa selemong sa 2017. Karolo ya tsela e potlakileng ya M3 e kenang Cape Town e ile ya rehwa lebitso la Philip Kgosana Drive ho mo hlompha, kaha sena e bile karolo ya leeto la hae la 1960. Pele e ne e tsejwa e le De Waal Drive, ka mora Nicolaas Frederic de Waal, eo e kileng ya e-ba Motsamaisi wa Profense ya Kapa yaileng a qala kaho ya yona mathwasong a dilemo tsa bo-1900. [4]

  1. ↑ https://www.news24.com/SouthAfrica/News/former-pac-leader-philip-kgosana-dies-20170420
  2. ↑ https://sahistory.org.za/people/philip-ata-kgosana
  3. ↑ https://www.dailymaverick.co.za/article/2017-04-21-philip-kgosana-the-meaning-of-his-courage-today/#.WeDeqZ_RbqA
  4. ↑ https://www.news24.com/SouthAfrica/News/cape-towns-de-waal-drive-renamed-in-honour-of-philip-kgosana-20170825