Jump to content

Polao e sehloho ya Boipatong

E tswa ho Wikipedia

 

Polao e sehloh ya Boipatong e etsahetse bosiung ba la 17 Phuptjane selemong sa 1992 toropong ya Boipatong, Kgutlo Tharo ya Lekwa,Afrika Borwa.

Polao e Sehloho

[fetola | fetola mohloli]

Tlhaselo ho baahi ba toropo e entsoe ke banna ba hlometseng ba tswang Hostel ya KwaMadala ya ditshebetso tsa tshepe, e fumanehang hoo e ka bang 1 km ho tloha toropong. [1] Batho ba mashome a mane a metso e mehlano ba ile ba hlokahala mme ba mmalwa ba ile ba holofala. [2]

Bahlaseli e ne e le batshehetsi ba Inkatha Freedom Party (IFP), mokga o qothisanang lehlokwa le African National Congress (ANC). [3] Ka nako eo, mmuso wa Afrika Borwa le dihlopha tse ding tse mmalwa tsa dipolotiki di ne di buisana dipuisanong tsa Convention for a Democratic South Africa (CODESA). Nakwana ka mora polao e kgolo, ditho tsa African National Congress di ile tsa bolela hore Sepolesa sa Afrika Borwa ka tshebedisano mmoho le IFP se hlophisitse tlhaselo, mme ka lebaka leo ANC ya tswa dipuisanong. Ho ile ha boela ha etswa tlhahiso ya hore hore tlhaselo ena e ne e le karolo ea mesebetsi ya Operation Marion ea Lebotho la Tshireletso la Afrika Borwa . ANC e ile ea qalella lipuisano nakoana kamora polao ya Bisho ea la 7 Loetse 1992.

Polao e sehloho e boletswe ho Qeto ya Lekgotla la Tshireletso la Machaba a Kopaneng 765 ya la 16 Phupu 1992.

Nyewe ya botlokotsebe e ileng ea tšoaroa ka 1993, e neng e kenyelletsa bopaki ba baahi ba Boipatong ba 120, e ile ea ahlola batshehetsi ba mokgatlo wa IFP ka ditlōlo tsa molao polaong eo, empa ya etsa qeto ea hore mapolesa ha aa ka a nka karolo ho eona. Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC) e ile ya etsa qeto ka selemo sa 1998 hore mapolesa a ne a ameha tlhaselong eo, empa Komiti ya Amnesty ea TRC e ile ea fumana ka selemo sa 2000 hore mapolesa ha a ameha ha e le hantle.

Phehisano e nngwe hape

[fetola | fetola mohloli]

Puisanong le moqolotsi wa ditaba Rian Malan ka Mphalane selemong sa 1998, Sajene Gerhardus "Pedro" Peens, ea ileng a bolela hore ha aa ka a ba Boipatong nakong ya polao e sehloho, o ile a lumela hore o ne a le Boipatong a ntse a etsa lipatlisiso ka polao, a kganna lori ya mofuta wa Caspir, empa a bolela hore o ile a tsamaea pele ho polao e sehloho. Peens o ne a kile a latola hore o ne a le Boipatong ka Caspir ho hang. Polelo ya Peens e ile ya nahanwa hamorao ke TRC liphuputsong tsa bona. [4] Ho lumela ha Peen ho ile ha susumetswa ke kopo ea tshwarelo ea litho tse leshome le metso e tsheletseng tsa Inkatha Freedom Party bakeng sa karolo ya tsona polaong e sehloh ya Boipatong.

Khomishene ea Goldstone e khethile Peter Waddington ho etsa dipatlisiso tse ikemetseng. [1] Tlaleho ya hae e lokollotswe ka la 22 Phupu 1992. E boletse hore ho ne ho se na bopaki ba tshebedisano-mmoho ya mapolesa dipolaong tseo.

Bona hape

[fetola | fetola mohloli]
  • Lethathamo la dipolao tse sehloho Afrika Borwa
  1. 1 2 https://www.nytimes.com/1992/06/20/world/south-african-massacre-fingers-point-at-the-police.html?pagewanted=all&src=pm
  2. ↑ https://omalley.nelsonmandela.org/index.php/site/q/03lv02039/04lv02133/05lv02139/06lv02146.htm
  3. ↑ https://www.tandfonline.com/doi/full/10.1080/02582473.2023.2251722
  4. ↑ https://mg.co.za/news/south-africa/1999-01-22-cracks-in-boipatong-story/