Jump to content

Pula molomo

E tswa ho Wikipedia
Khomo

Basotho ke setjhaba se hlomphang meetlo ya sona. Ka lebaka la ho hlompha meetlo, ba phetha meetlo ya bona ka kgomo. Hara meetlo ya Basotho ho na le moetlo wa lenyalo mme oona ba ntsha mohadi.

Ditumellano tsa lenyalo

Ditumellano tsa lenyalo ba di etsa ka ho thethesa bohadi. Lenyalo le qholotso ke mohlankana ka ho raha moritshwana. E ba ntata mohlankana o tla roma leqosa le yang lelapeng la bo morwetsana ho kopela mora mohope wa metsi. Leqosa le tsamaya le qhoba kgomo mme kgomo ena e bitsuwa pula molomo.


Dikgomo tsa lenyalo

Pula molomo ke e nngwe ya dikgomo tsa lenyalo e isuwang pele ho dikgomo tsohle. Yona e qhojwa ke leqosa le yang ho kopa mohope wa metsi. Pele a ka buisana le Ramorwetsana, e ba o tla nehelana ka kgomo ena. Ha Ramorwetsana a e amohela, e ba jwale a ka beha ditaba tseo a tlileng ka tsona hobane jwale menyako ya dipuisano e bulehile. [1]

Tlolo ya mafura le letsoku

'Me Ramorwetsana[2] ha a amohela ditaba tseo leqosa le tlileng ka tsona, e ba o tla laela hore leqosa leo le kutwe hlooho mme le tlotsuwe ka mafura a lefehlo. Ka ha maloko a fapana ho na le maloko a sebedisang mafura a lefehlo a tswakuweng le letsoku. Moetlo ona o phethwa e le letshwao leo Ramohlankana a tla bona ka lona ha leqosa le fihla hore diitaba tsa hae di amohelehile lelapeng la bo morwetsana.


[[Category:lenyalo la sesotho]]

[[Category: litumellano tsa lenyalo]]

[[Category: likhomo tsa lenyalo]]

[[Category: tlolo ea mafura le letsoku]]

  1. Phapano ya lenyalo la Basotho mehleng ya kgale le mehleng ya kajeno | PPTX
  2. Phapano ea lenyalo la Basotho mehleng ea khale le mehleng ea kajeno | PPTX