Jump to content

Putla Sehlapelo

E tswa ho Wikipedia
(Redirected from Putla sehlapelo)

Putla Sehlapelo ,ya tsebahalang ka lebitso la Alfred Magongwa ke sebapadi sa Aforika borwa sa ditshwantshiso tsa thelebeshene ka karolo ya hae ho enngwe ya ditshwantshiso e bapalang kalaneng ya SABC 1 e leng Skeem Saam.[1]O boetse o tumme haholo ka karolo ya hae ya ka sehloohong e le Maloro ho tshwantshiso e ne bapala ho SABC 1,Death of a Queen.[2][3]

Putla ke e mong wa dikgalala tse ratwang haholo mona naheng ya Aforika borwa mme diketso tsa hae di hohetse babohedi ba thelebishine ho phatlalla le naha.

Bophelo ba Pele

[fetola | fetola mohloli]

Putla Sehlapelo O hlahetse Mpumalanga,Limpopo, Aforika Borwa ka la 4 Phupu 1970,O hotse a dula le batswadi ba hae le bana ba habo ba bahlano.Ha e sa le moshanyana ,Putla o ne a rata ho ja Kase hape a rata le ho bapala.[4]

Tsa mosebetsi

[fetola | fetola mohloli]

Putla Sehlapelo O qadile mosebetsi wa hae wa botshwantshise ka selemo sa 2003 ha a qala ho hlaha,a bapala karolo ya 'Spike" filiming ya Generations.Ho tloha ka nako eo lebitso la hae le ngodisitswe indasetering ya boithabiso ya Aforika Borwa ka lebaka la talenta ya hae e makatsang.

Ka 2008 ,o ile a boela a bapala letototong le lenyenyane la "Death of a Queen" le neng le phatlalatswa kanaleng ya SABC 1 .O ile a boela a hlaha dipapading tse ding tsa kalaneng tse kang 'The Wild" mme o ne a bapala karolo ya "Tiro Lebone" Radimilione wa BEE ya neng a ena le dintho tsohle mme a sena molekane.Tse ding tsa ponahalo ya hae di kenyeletsa "Noah's Ark" ka selemo sa 2008 a hlahella letotong la Thriller "Thola" ka selemo sa 2014.[5]

Dikarolo tsa thelebishene

[fetola | fetola mohloli]

Death of a Queen

Dryfsand

Gaz"lam

Generations the Legacy

Intersexions

Noah"s Ark

The Lab

The wild

Thola 1

Thola 2

Skeem Saam

Society

Soul Buddyz

Tempy Pushas

Dikgau le ditlotla

[fetola | fetola mohloli]

2022 SAFTA Nominee[6]

Fame awards[7]

  1. https://www.imdb.com/name
  2. https://www.imdb.com/title/tt12073964/
  3. https://mzansiprofiles.co.za/putla-sehlapelo-biography-early-life-career-acting-career-filmography/#google_vignette
  4. https://mzansiprofiles.co.za/putla-sehlapelo-biography-early-life-career-acting-career-filmography/#google_vignette
  5. https://www.mediaupdate.co.
  6. https://m.imdb.com/name/nm1541269/awards/?ref_=nm_awd
  7. https://www.news24.com/drum/news/out-and-about-fame-awards-20170728