Jump to content

Sehopotso sa Shaka

E tswa ho Wikipedia
Sehopotso sa Shaka
Lejwe la sehopotso la Morena Shaka, mothehi wa setjhaba sa Mazulu, Stanger, Kwa-Zulu Natal, Afrika Borwa!
Map
Mmapa wa moo Sehopotso sa Shaka se fumanehang
Sebaka KwaDukuza / Stanger, KwaZulu-Natal, South Africa
Dintlha

Sehopotso sa Shaka ke sebaka sa lefa la setso sa profinse se KwaDukuza, profinseng ya KwaZulu-Natala Afrika Borwa. Se tshwaya sebaka seo ho ileng ha patwa Morena wa Mazulu, Shaka, haufi le moo a ileng a bolaoa teng ke barababo ba nang le ntate a le mong le eena, Dingane le Mhlangana, ha a ntse a lutse hodima lejwe haufi le matlo a masole motse-moholo wa hae oa Dukuza.[1]

Ho ya ka Gazette ya Mmuso ya 1938, sefika sena se entswe Newcastle, KwaZulu-Natal, mme sa emiswa ka 1932 sebakeng seo lebitla la Morena Shaka le neng le le ho sona.

Haufi le sehopotso ho na le lefika leo ho thweng Morena Shaka o ne a dutse ho lona nakong ya polao ea hae ka la 24 Lwetse selemong sa 1828. [2] E ile ya pitikwa ho tsela seterata ho tloha sebakeng sa eona sa pele ho ea moo e leng teng hona jwale. Letsatsi lena le hopoloa ke kopano sehopotsong ho hlompha Morena Shaka e etelletsweng pele ke morena wa Mazulu, bahlabani ba hae le bahlomphehi. [3]

  1. ↑ https://sahistory.org.za/people/shaka-zulu
  2. ↑ This Day in History, 22 September 1828, accessed 5 May 2012
  3. ↑ King Shaka Day celebrations, accessed 5 May 2012