Serapa yaǀAi-ǀAis/Richtersveld Transfrontier
Serapa sa Naha sa Matjhaba sa ǀAi-ǀAis/Richtersveld ke serapa sa kgotso se phatlaletseng moeding o pakeng tsa Afrika Borwa le naha ya Namibia. Se thehilwe ka selemo sa 2003 ka ho kopanya Serapa sa Diphoofolo sa ǀAi-ǀAis Hot Springs sa Namibia le Serapa sa Naha sa Richtersveld sa Afrika Borwa. Karolo e kgolo ya serapa sena ka lehlakoreng la Afrika Borwa e etsa karolo ya sebaka se sireletsang (buffer zone) sa Sebaka sa Lefatshe sa Bohlokwa sa Setso le Dimela sa Richtersveld (Richtersveld Cultural and Botanical Landscape World Heritage Site), se akaretsang sebaka se ka bang dikhilomithara tse disekwere tse 5,920.[1]
Phula e tebileng le e kholo ya Fish River Canyon, e leng phula e kgolo ka ho fetisisa Afrika, e fumaneha ka hare ho serapa sena.Tumellano e ile ya saenelwa ka la 17 Phato 2003 ke bapresidente ba Afrika Borwa le Namibia, e leng se ileng sa tiisa ho thewa ha serapa sena ka molao. Lentswe |Ai-|Ais le tswa puong ya Khoekhoe mme le bolela 'mollo-mollo' kapa 'ho tjhesa haholo jwaloka mollo', ho latela mohlodi wa metsi a tjhesang o nang le lebitso le tshwanang.[2]
Ditsi tsa bahahlaudi tsa Sendelingsdrift di ile tsa bulwa ka 2007 ho nolofalletsa bahahlauli le batho ba moo ho tsamaya pakeng tsa Namibia le Afrika Borwa ka hara meeli ya serapa sena. Ofisi ya bojaki e ile ya thehwa mahlakore ka bobedi a Noka ya Orange. E boetse e tsejwa ka ho ba sebaka se tjhesang sa mefuta-futa ya dimela, ho bolelang hore e kotsing e sa feleng ya ho kenella ha batho.
Ba-Nama
[fetola | fetola mohloli]Batho ba Nama ba ntse ba fumaneha sebakeng sena. Kaha ba tsejwa e le batho ba phelang ka ho falla le mehlape ya bona, mokgwa wa bona oa bophelo o loketse sebaka sena se omeletseng. Balisana le mehlape ya bona ba ka bonwa ba tsamaya dibaka tse telele ha ba ntse ba leka ho latela pula e hlokahalang haholo empa e sa neleng kgafetsa. Hape, puo ea Se-Nama e bolokilwe mona ke setjhaba sa Nama ho feta sebakeng sefe kapa sefe se seng sa sebaka sa Namaqualand.[3]
Boemo ba lehodimo
[fetola | fetola mohloli]dAi-ng-ng-Ais/Richtersveld e na le mekgwa e mmedi e meholo ya boemo ba lehodimo. E na le sebaka se nang le pula e futhumetseng ya mariha se nang le mongobo o phahameng ya moya, o bapisoang le motjheso o phahameng le dipula tsa yona tsa lehlabula empa mongobo o tlase o le ka hare ho naha. [4]Mekgwa ena ya maemo a lehodimo e fapana ka mokgwa o fapaneng e na le sebaka sa phetoho sa dikhilomithara tse ka bang 20.[5]
Sebaka sa naha
[fetola | fetola mohloli]Sebaka sena ka kakaretso se na le lipororo tse makukuno le dithaba tse phahameng. Mobu o thata mme metsi a haella, empa moea o lula o na le mongobo ka lebaka la moholi o hlahang hoseng haholo. Baahi ba sebaka seo ba morabe oa Nama ba bitsa moholi o tsoang Leoatleng la Atlantic ka mabitso a reng ‘Ihuries’ kapa ‘Malmokkies’.[6] Paki ena e nkwa e le tikoloho e ikhethang haholo le e kgolo lefatsheng. Sebakeng se le seng sa sekwere-kilomithara, ho ka fumanoa mefuta e fetang 360 ea limela tse fapaneng, leha sebaka seo se fumana pula e ka bang 68 mm feela ka selemo. Limela tse fumanehang Paking ya |Ai-|Ais/Richtersveld Transfrontier li kenyelletsa mefuta e ikgethang, jwalo ka sefate se seholo sa 'quiver tree', 'half-mens' (ka Seafrikaans: halofo ya motho), le di-aloe tse telele.Sefate sa 'half-mens' se khetholloa ka kutu e le nngwe e sa arohaneng le e bopehileng jwaloka kholomo, e ka fihlang bophahamong ba limithara tse 4. [7]Sehlohlolong sa sona ho na le sehlopha sa makala. Setjhaba sa sebaka seo sa Nama se hlompha haholo sefate sa 'half-mens', se dumela hore sebopeho sa sona se shebahalang jwaloka motho ke meya ya baholo-holo ba bona e labalabelang lehae la bona la Namibia.

Bona hape
[fetola | fetola mohloli]
Ditlhaloso
[fetola | fetola mohloli]- ↑ "/AI /AIS-RICHTERSVELD".
- ↑ Raper, Peter E. (1987). Dictionary of Southern African Place Names. Internet Archive. p. 54. Retrieved 18 November 2024.
- ↑ peaceparks.org/tfcas/ai-ais-richtersveld/
- ↑ https://www.sanparks.org/parks/richtersveld/conservation/ff/vegetation.php.
- ↑ South African National Parks.
- ↑ https://www.places.co.za/accommodation/ai-ais-richtersveld-national-park.html.
- ↑ https://www.sanparks.org/parks/richtersveld/conservation/ff/vegetation.php.