Jump to content

Setjhabana sa Bakgolokwe

E tswa ho Wikipedia

Bakgolokwe ke karolo ya Bakgatla (Bakgatla ba ha Mmakau) mme ba tswa ho Morena Kgetsi, mora wa Morena Tabane. Bakgolokwe ba fumanwa ka bongata Botjhabela ba Freistata (Harrismith, Wetsieshoek, Vrede, Kestel, Deneysville, jwalojwalo), KwaZulu-Natal (Nquthu), Mpumalanga (Daggakraal, Amersfoort), Greylingstad, Leboa-Bophirimela, Gauteng le Lesotho. Ke ditloholo tsa Kgosana ya Bakgatla e leng Tabane le Mofumahali Mmathulare, moradi wa Kgosana ya Bafokeng.[1]

Tabane o tswetse bara ba bahlano: Diale, Kgetsi, Kgwadi (Motlokwa), Matsiboho le Mosia (ka tatelano ho ya ka tlhahlamano ya bona). Mora ka mong o ile a tswa motse ho theha setjhabana sa hae: Bapedi (Pedi), Bakgolokwe, Batlokwa, Baphuthing le Basia, ka ho latelana.

Setjhabana sa Bakgolokwe se na le makgetha a puwana le a setso a se kgethollang hara dibui tsa dipuo tsa Bathobatsho tsa Afrika Borwa. Puwana ya bona e bontsha hore puo ya Sesotho sa Borwa ba Afrika le Sekone di kopantswe. Ba boetse ba sebedisa diboko (Bakholokoe ba ana Phuthi (Duiker), empa ba bang ba ntse ba kgomaretse ho kgoho, ba bang ho noko (porcupine), nyalano ya bomotswala eo esaleng e le ntho ya bona, le setaele sa meaho e iponahatsang ka ka ntlo e tjhitja ya marulelo a sebopeho sa khoune ka jwang.[1]

Ntlo e kgolo ya moloko wa Bakgolokwe ke ntlo ya Modudi/Modupi, mora wa Mokete. Ke Bakgolokwe ba Letseba, e bolelang "sephiri se neng se tsejwa ke Mokholoane, ya shweleng a eso se senole." Mora wa pele wa Tabane ho mosadi wa hae e moholo, Matlaisane, esale a ituletse le Bakgatla ba Motsha. Ka mor'a hore Tabane a dumellane le BaVenda, o ile a nyala mosali wa MoVenda mme a ba le mora ya bitswang Vele.[2]

  1. 1 2 https://theguard.co.za/makholokoe-tribe-reflect-on-their-history/
  2. https://mg.co.za/article/2018-02-16-00-the-bones-echo-the-cry-for-the-return-of-ancestral-land/