Jump to content

Setso le nalane ya aforika

E tswa ho Wikipedia

Setso sa Aforika Borwa, se kgahla haholo ka lebaka la hore se fapane,ho latela hore na o etela naha efe.Khonthinente e na le baahi ba mefuta e fapaneng,bao bongata ba bona ba susumeleditsweng ke mabaka a ka ntle.Naha ka nngwe ena le merabe ya yona ,dipuo le ditso tsa bona tse fapa-fapaneng.Le dinaha tse nyane tsa Aforika jwalo ka naha ya Uganda di na le merabe e fetang mashome a mararo e thehilweng.[1]Hona jwale retla sheba tse ding tsa dihlahiswa tse thehilweng hantle tsa setso sa Aforika tse kenyeletsang merabe,dijo,bonono le dipuo.[2]

Merabe e tsebahalang ya Aforika

[fetola | fetola mohloli]

MaZulu ke morabe o moholo ka ho fitisisa Aforika Borwa.[3]Ho hakanngwa hore batho ba pakeng tsa dimilione tse leshome le tse leshome le metso e mmedi ba dula porofensing ya Kwazulu-Natal.Nakong ya 19th le ya 20th boholo ba Aforika Borwa bo ne bo le ka tlasa mmuso wa kgathello "Apartheid" mme batho ba Mazulu ba ne ba nkwa e le baahi ba boemo ba boraro ba atisang ho tshwarwa ke kgethollo.[4][5]Kajeno ba na le ditokelomtse lekanang hammoho le baahi ba bang kaofela.[6]

Batho ba Maasai ba dula Rift Valley naheng ya kenya le Tanzania.[7]Ba na le mehlape e mengata ya dikgomo,dinku,le dipudi tseo kgafetsa ba di tsamaisang hoya makgulong a matjha le mehloding ya metsi.[8]Ke merabe o ikgohomosang le o ikemetseng o thehileng leruo le matla a bona hodima dikgomo.Ha setho sa Maasai se ena le dikgomo tse ngata ,ke moo se bonwang ke morabe wa habo sona hore o ruile haholo ebile o matla.[9]

Hona le merabe e ikgethang e fetang mashome a mahlano e dulang Seterekeng sa Noka ya Omo ka borwa-bophirima ho Ethophia,e le sebaka se setle sa ho etela haeba o kgahlwa ke setso sa Aforika.[10]Ditlaleho le ditumelo tse ngata tsa setso di dutse di sa fetohe ka lebaka la ho se fihlelle sebaka.[11]

Dijo tsa Aforika

Batho ba bangata ba dulang metseng e Botjhabela,Bophirimela le eka Borwa ho Aforika ke dihwai.Ba phela ka kotloloho ka dijo tse ba itemelang tsona.Dijo tsa setso tsa Aforika di boetse di rekiswa dimmarakeng tse kantle.[12] Dinaheng tse kang Morocco le Algeria couscous ke sejo se ratwang haholo ka nama le meroho.[13]

Tholwana ya Cassava

Aforika e bophirimela ho tlwalehilwe hore batho ba lemme le ho ja cassava,poone,mile le plantains.Ha o etela dinaha tsa Aforika o tla fumana hore ke tsa moetlo,ka ha mafumahadi le banana ba bangata ba etsa mosebetsi wa ho pheha dijo.Kolone e boetse e amme dijo le dino tse fumanwang dibakeng tse ding tsa Aforika tse kang Kenya moo ho tlwaelehileng hore batho ba nwe tee.[14]

Botaki ba Aforika

Ma-aforika ke morabe o mong o kenyang letsoho haholo botaking ba ditshwantsho.Mofuta wa bonono kapa botaki o teng o dutseng dilemo lemo o fumaneha Egepeta.[15]

Dipuo tsa Aforika

Hona le dipuo le maleme a matswalla a Aforika a dikete-kete.[16]Naha e nngwe le e nngwe ya Aforika ena le dipuo tsa yona e sita le di naha tse nyenyane.Leha ho le jwalo ka lebaka la hore dinaha tse ngata tsa Aforika e kile ya eba karolo ya dikolone tsa Europe,batho ba bangata ba khona ho bua diphetolelo tsa Secreole kapa Pidgin tsa senyesemane Sepotoketsi sa Sefora.[17]Aforika e leboya ho buwa Se-arabia ,athe Aforika e botjhabela Seswahile ele puo e buahalang haholo. [18]

  1. https://www.goway.com/destinations/africa/uganda/culture-and-traditions
  2. "Archive copy". Archived from the original on 2025-05-01. Retrieved 2025-05-01.
  3. https://www.krugerpark.co.za/africa_zulu.html
  4. https://www.nytimes.com/1978/01/12/archives/3-nonwhite-groups-form-alliance-against-apartheid-in
  5. https://www.britannica.com/topic/Zulu
  6. https://minorityrights.org/communities/zulus/
  7. https://www.masaimara.travel/maasai-tribe-facts.php
  8. https://education.nationalgeographic.org/resource/cattle-economy-maasai/
  9. https://artsandculture.google.com/story/the-cattle-currency-of-maasai-project-fuel/dwVRdTdc4KyQ-A?hl=en
  10. https://www.livethejourney.co.za/tour/omo-valley-andor-historical-route/
  11. https://whc.unesco.org/en/list/17/
  12. "Archive copy". Archived from the original on 2025-05-01. Retrieved 2025-05-01.
  13. https://theplantbasedschool.com/couscous-with-vegetables/
  14. https://www.teamuse.com/article_210624.html
  15. https://africanrockart.britishmuseum.org/country/egypt/
  16. https://africanlanguages.com/
  17. https://www.collinsdictionary.com/dictionary/french-english/france
  18. https://courses.lumenlearning.com/suny-hccc-worldcivilization/chapter/the-swahili-culture/