Tshebeletso ya Setjhaba ya Puo

E tswa ho Wikipedia

Tshebeletso ya Setjhaba ya Puo ("TSP") e ntshetsa pele le ho lokisetsa puisano dipuong ka ho fapana ha tsona. Ho ya ka ditlhoko tsa puo tse ngotsweng Molaong wa Motheo, TSP e laola ho fapana ha dipuo ebile e ikarabella ho hlokomeleng dipuo tsohle tsa setjhaba sa rona ka ho sebedisa dikgothaletso tsa leano tseo sepheo sa tsona e leng ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena, le dipuo tseo e leng hore ha esale ho tloha mehleng di sa natswe.

Mosebetsi wa sehlooho wa TSP ke ho phetha ditlhoko tsa puo tse Molaong wa Motheo ka ho lokisetsa, ho ntshetsa pele le ho thusa ka tshebeletso ya ho fetolela le ho lokisa se fetoletsweng dipuong tsohle le ho hlokomela ho fapana ha dipuo ka moralo wa puo le merero ya mareo.

TSP e sebetsa e le tshebeletso ya porofeshene ya puo ya Mmuso ka ho fetolela ditokomane tsa mmuso dipuong tsohle tsa mmuso. Tshebeletso ya mareo e thusa ka tswelopele le ntjhafatso ya mareo a thekgeniki a dipuo tsohle tsa mmuso. Mesebetsi ya moralo wa puo e akaretsa ho eletsa Mmuso ka tswelopele ya leano la puo le mekgwa ya tshebediso ya puo.